Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 30:1 - BIBELE

1 Hesekiya a romela molaetsa ho Baiseraele bohle, le ho setjhaba sa Juda, a ba a ngolla le ba morabe wa Efraime le wa Manase, a ba memela hore ba tle Tempeleng ya Morena, Jerusalema, ho tla etsetsa Morena Modimo wa Iseraele, mokete wa Paseka.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Yaba Esekiase o romela ho Baiseraele bohle le ho Bajuda, a ngolla le Efraime le Manasse, hore ba tle ka tlung ya Jehova, Jerusalema, ho etsa Paseka ya Jehova, Modimo wa Iseraele;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 30:1
17 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ruri ho ne ho eso ka ho etswa mokete wa Paseka o jwalo, ho tloha mehleng ya Baahlodi ba neng ba ahlolela Baiseraele; esita le mehleng ya dikgosi tsa Iseraele, kapa mehleng ya dikgosi tsa Juda.


Baprista le Balevi ba neng ba le naheng yohle ya Iseraele, ba tloha dibakeng tsohle tsa bona, ba fallela ho Rehoboame.


Bohle ba merabe ya Iseraele, ba neng ba rata Morena Modimo wa Iseraele, ba sala Balevi bao morao, ba tla Jerusalema, ho tla etsetsa Morena Modimo wa bo-ntata bona mahlabelo.


Empa moporofeta wa Modimo a fihla ho Amasiya, a re: “Oho hle, kgosi, lebotho la Iseraele le se ke la ya ntweng le wena, hobane Morena ha a yo hara bana ba Iseraele, ha a yo le hara bohle ba morabe wa Efraime.


Baprista ba di hlaba, mme ba isa madi a tsona aletareng, e le nyehelo e etsetsang Baiseraele bohle tefelo ya sebe, hobane kgosi e ne e ile ya laela hore nyehelo ya setjheso, le nyehelo e tlosang sebe, di etsetswe setjhaba sohle sa Iseraele.


Hesekiya a nyakalla, le setjhaba sohle sa nyakalla, ka baka la seo Modimo a ileng a se etsetsa setjhaba sa hae, le hona ka potlako.


Kgosi e ne e ile ya rerisana le mahosana wohle a yona, le setjhaba sohle se Jerusalema, ho etsa mokete wa Paseka ka kgwedi ya bobedi.


Le hlabe konyana ya Paseka, le ikgalaletse, le lokisetse le bana babo lona, ho ya ka taelo ya Morena eo a neng a e etse ho Moshe.”


Ana ke mantswe a lengolo leo moporofeta Jeremia a neng a le ngole a le Jerusalema, a le ngolla masalla a baholo ba setjhaba ba ileng ba thopuwa, le baprista le baporofeta le setjhaba sohle seo Nebukadenesare a neng a ile a se thopa Jerusalema, a se isa Babilona.


“Wena Efraime, nka o lahla jwang? Wena Iseraele, ka neelana ka wena jwang? Nka o timetsa sa Adema jwang? Ka o etsisa Seboime jwang? Pelo ya ka e nkganela ho etsa jwalo, lerato la ka le a hlasimoloha.


“Diketso tsa bona di a ba thibela, ba sitwa ho kgutla, ho kgutlela ho Modimo wa bona. Moya wa bootswa o se o ba hapile, Morena yena ha ba mo tsotelle.


hobane bana ba Josefa e ne e le merabe e mmedi: wa Manase le wa Efraime. Balevi bona ha ba a ka ba abelwa naha, haese metse ya bodulo, le dibakana tse e potapotileng, hore e be tsa makgulo a dikgomo tsa bona, le a mehlape ya bona.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ