Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 3:16 - BIBELE

16 A etsa mekgabiso e jwaloka diketane, a e bea kahodimo ho ditshiya; a etsa le dikgarenate tse lekgolo, mme a di hokela mekgabisong eo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

16 A ntoo etsetsa sehalalelo meqhaka, a kgabisa le dintlha tsa ditshiya ka meqhaka, mme a etsa digaranata tse lekgolo, a di kenya ka meqhakeng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 3:16
6 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Solomone a maneha bokahare ba Tempele ka kgauta e hlwekileng; monyakong o kenang ka Sehalalelong se halalelang ka ho fitisisa, se neng se manehilwe kgauta le sona, a etsa lesira ka diketane tsa kgauta.


Kotola e nngwe le e nngwe e hodima tshiya, e ne e kgabisitswe ka dikgarenate tse makgolo a mabedi, di entse mela e mmedi, e potolohang mpeng ya kotola e nngwe le e nngwe.


Kapele ho Tempele a haha ditshiya tse pedi, tseo bolelele ba tsona e neng e ka ba dimethara tse leshome le metso e tsheletseng. Tshiya e nngwe le e nngwe e ne e ena le kotola eo bophahamo ba yona e neng e ka ba dimethara tse pedi le halofo.


A hloma ditshiya tseo kapele ho Tempele; e nngwe ya eba ka letsohong le letona, mme a e bitsa Jakine, e nngwe ya eba ka ho le letshehadi, mme a e bitsa Boase.


E ne e le dintho tsena: ditshiya tse pedi, le dikotola tse pedi tse neng di le hodima ditshiya, le meqhaka a mmedi e kgabisitseng dikotola tse pedi tse hodima ditshiya,


le dikgarenate tse makgolo a mane tse kgabisitseng matlowa a mabedi. Letlowa ka leng le ne le ena le mela e mmedi ya dikgarenate tse kgabisitseng dikotola tse pedi tse hodima ditshiya.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ