Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 3:11 - BIBELE

11 Bolelele ba mapheo a dikerubime ha a thathaletse e ne e ka ba dimethara tse robong. Bolelele ba lepheo le le leng la kerubime ya pele e ne e ka ba dimethara tse pedi le halofo. Le ne le thetsitse lebota la Tempele, ha lepheo le leng, le ntseng le lekana le lona, lona le ne le thetsana le lepheo la kerubime e nngwe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Mapheo a dikerubime, bolelele ba wona e ne e le ditswe tse mashome a mabedi; lepheo la e nngwe bolelele ba lona e ne e le ditswe tse hlano, le ne le kgitla lebota la ntlo; lepheo le leng le lona le bolelele ba ditswe tse hlano le ne le amana le lepheo le leng la kerubime ya bobedi;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 3:11
4 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Dikerubime tsena a di bea bohareng ba Sehalalelo se halalelang ka ho fetisisa, mapheo a tsona a thathaletse, hoo ntlha ya lepheo la kerubime e nngwe e neng e thetsitse lebota le leng, le ntlha ya lepheo la kerubime ya bobedi e thetsitse lebota le leng, mme dintlha tsa mapheo a mang di kopane bohareng ba Sehalalelo se halalelang ka ho fetisisa.


Ka Sehalalelong se halalelang ka ho fetisisa a etsa dikerubime tse pedi, tse betlilweng, mme a di maneha kgauta.


Ka mokgwa o tshwanang, lepheo le leng la kerubime ya bobedi le ne le etsa bolelele ba dimethara tse ka bang pedi le halofo, le thetsitse lebota le leng la Tempele, ha lepheo le leng, le bolelele bo lekanang le ba lepheo la pele, le ne le thetsitse lepheo la kerubime ya pele.


Mapheo a tsona a ne a thetsana. Ha di ne di tsamaya, di ne di toba pele feela, di sa retelehe.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ