Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 3:1 - BIBELE

1 Jwale Solomone a qala ho haha Tempele ya Morena, Jerusalema, thabeng ya Moria, seotlong sa Orenane wa Mojebuse, moo Morena a neng a iponahatse teng ho Davida, ntatae; e leng sebaka seo Davida a neng a se kgethe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Yaba Salomone o qala ho haha ntlo ya Jehova, Jerusalema, thabeng ya Moria, e neng e supiswe ntatae Davida, setsheng sona seo Davida a neng a se lokisitse seotlong sa Ornane Mojebuse.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 3:1
10 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Aborahama a rea sebaka seo lebitso la Morena o tla Bona, mme le kajeno ho sa ntse ho thwe: “Thabeng, Morena o tla bona.”


Modimo a re: “Jwale nka mora wa hao ya mong feela, eo o mo ratang, Isaka, o ye naheng ya Moria, mme ka yena o etse sehlabelo sa setjheso, hodima e nngwe ya dithaba, eo ke tla o supisa yona.”


Eitse ha lengeloi le otlollela letsoho hodima Jerusalema ho e timetsa, Morena a hauha ha a nahana koduwa eo, mme a re ho lengeloi le neng le timetsa batho: “Ho lekane! Kgaotsa!” Lengeloi leo la Morena le ne le le seotlong sa Arauna wa Mojebuse.


Yaba lengeloi la Morena le laela Gade hore a bolelle Davida a nyolohe, a yo hahela Morena aletare seotlong sa Orenane wa Mojebuse.


Jwale Davida a re: “Ena ke yona ntlo ya Morena Modimo, mme ena ke aletare ya nyehelo ya setjheso, moo Baiseraele ba tla sebeletsa Morena teng.”


Johanane a tswala Asariya. Enwa ke yena ya neng a sebeletsa ka Tempeleng eo Solomone a ileng a e haha Jerusalema.


A qala ho e haha ka letsatsi la bobedi la kgwedi ya bobedi, selemong sa bone sa puso ya hae.


Empa ke Solomone ya ileng a mo hahela ntlo eo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ