2 Dikronike 29:8 - BIBELE8 “Ka baka lena, Morena o halefetse setjhaba sa Juda, le baahi ba Jerusalema, o ba kentse tsietsing, o ba entse setsoto, ba fetohile sekgobo, jwalokaha le lona le bona. အခန်းကိုကြည့်ပါ။Sesotho 1909/1961 (SO)8 Ka baka la tseo, bohale ba Jehova bo wetse Juda le Jerusalema hodimo; o ba neetse botubong le tshenyehong le ditshomong, jwalokaha le bona ka mahlo a lona. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
“Tsamayang, le yo mpotsetsa Morena, le botsetse le masalla a Iseraele, le a setjhaba sa Juda, mabapi le mantswe a tswang bukeng ena e fumanweng. Kgalefo eo Morena a re halefetseng ka yona e a tlokoma, hobane bo-ntata rona ha ba a ka ba mamela mantswe a Morena ka ho se phethe tsohle tse ngotsweng bukeng ena.”
ke tla bitsa ditjhaba tsohle tse ka leboya,’ ho rialo Morena, ‘ke bitse le mohlanka wa ka Nebukadenesare, kgosi ya Babilona, ditjhaba tseo di futuhele naha ena le baahi ba yona, di futuhele le ditjhaba tsohle tse ahelaneng le tsona, di di ripitle ho hang, di di etse setsoto, e be sekgobo, mme di timelle ruri.