Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 29:36 - BIBELE

36 Hesekiya a nyakalla, le setjhaba sohle sa nyakalla, ka baka la seo Modimo a ileng a se etsetsa setjhaba sa hae, le hona ka potlako.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

36 Esekiase le setjhaba sohle ba thaba, ke hobane Modimo o ne o ratisitse setjhaba; etswe taba eo ya etsahala e sa ka ya rerwa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 29:36
10 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Setjhaba sa nyakalla, hobane bao ba ne ba ithaopetse ho fana, mme ba efa Morena ka dipelo tsa bona tsohle. Kgosi Davida le yena a thaba haholo.


Le diphoofolo tsa dinyehelo tsa setjheso di ne di le ngata, le mafura a dinyehelo tsa teboho. Nyehelo e nngwe le e nngwe ya setjheso e ne e tsamaya le nyehelo ya dino. Yaba mosebetsi wa Tempele ya Morena o busetswa madulong.


Hesekiya a romela molaetsa ho Baiseraele bohle, le ho setjhaba sa Juda, a ba a ngolla le ba morabe wa Efraime le wa Manase, a ba memela hore ba tle Tempeleng ya Morena, Jerusalema, ho tla etsetsa Morena Modimo wa Iseraele, mokete wa Paseka.


Le naheng ya Juda Modimo a etsa hore setjhaba sa teng se be pelonngwe, ho phetha taelo ya kgosi le ya mahosana, ho ya ka polelo ya Morena.


Ba keteka mokete wa mahobe a sa lomoswang ka matsatsi a supileng, ba o keteka ka thabo. Morena o ne a ba thabisitse, a entse hore kgosi ya Asure e ba rate, e ba thuse ho haha Tempele ya Modimo, Modimo wa Iseraele.


Morena, o utlwile takatso tsa ba eisehang, o ba matlafatsa dipelo, o ba sekehela tsebe,


Pelo ya motho e rera merero, tseo a di buang di laolwa ke Morena.


Ba ileng ba dumela molaetsa wa hae, ba kolobetswa, mme ka lona letsatsi leo badumedi ba eketseha ka ba ka bang dikete tse tharo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ