Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 29:31 - BIBELE

31 Yaba Hesekiya o re: “Jwale le ineetse Morena. Atamelang le tlise mahlabelo, le dinyehelo tsa teboho ka Tempeleng ya Morena.” Setjhaba sa tlisa mahlabelo le dinyehelo tsa teboho, mme bohle ba tlisa dinyehelo tsa setjheso, tsa boithaopo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

31 Yaba Esekiase o bua, a re: Jwale, ha le fela le ikgethetse Jehova, le atamele, mme le tlise mahlabelo le dimpho tsa teboho tlung ya Jehova. Ba phutheho ba tlisa mahlabelo le diteboho, mme bohle ba pelo di ratang ba hlahisa ditjheso.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 29:31
10 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Na hase lona ba lelekileng baprista ba Morena, e leng bara ba Arone, le Balevi, mme la itlhomamisetsa baprista, ho latela mekgwa ya ditjhaba tsa dinaha tse ding? E mong le e mong ya tlang a qhoba pohwana le dipheleu tse supileng, le mo etsa moprista wa medimo eo ya bohata.


Palo ya dinyehelo tsa setjheso tseo setjhaba se ileng sa di tlisa e ne e le mashome a supileng a dipohwana, le dipheleu tsa lekgolo, le dikonyana tse makgolo a mabedi. Tsena tsohle e ne e le tsa ho etsetsa Morena nyehelo ya setjheso.


Bohle ba ntseng ba phela, hohle moo ba jakileng teng, baahi ba sebaka seo ba ke ba ba thuse ka silefera, le ka kgauta, le ka diphahlo, le ka dikgomo, le ka dimpho tsa boithaopo, tsa Tempele ya Morena, e Jerusalema.’ ”


Ha kena le basadi, bohle bao pelo tsa bona di ratang; ba tlisa dipetja, le masale a rwalwang dinkong, le mefitshane, le dipele, le tsohle tse entsweng ka kgauta; bohle ba nang le hona ba tlisetsa Morena dimpho tsa kgauta.


‘Ntshetsang Morena dimpho tsa lona; e mong le e mong a ntshetse Morena ka pelo e tshweu; kgauta, le silefera, le lethose;


Ha kgosana e etsetsa Morena nyehelo ya boithaopo, e ka ba nyehelo ya setjheso kapa nyehelo ya teboho, kgosana e tla bulelwa kgoro e ka botjhabela, ebe e etsa nyehelo ya setjheso le nyehelo ya yona ya teboho jwalokaha e etsa ka letsatsi la Sabatha. Ha e qetile e tla tswa, ebe kgoro e a kwalwa.’ ”


Tsena ke tse kathoko ho mekete ya Disabatha tsa Morena, le dimpho tsa lona, le dikano tsa lona, le dinyehelo tsa lona tsa boithaopo, tseo le di abelang Morena.


“ ‘Ona ke molao wa sehlabelo sa teboho, seo motho a ka se etsetsang Morena.


“ ‘Ha sehlabelo e le sa teboho, motho a se tlise se ena le maqebekwane a sa lomoswang, a dubilweng ka ole; le moqathane o sa lomoswang, o tlotsitsweng ka ole; le dikuku tse entsweng ka phofo e thumisehileng, e dubilweng ka ole.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ