Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 29:16 - BIBELE

16 Baprista ba kena ka Tempeleng ya Morena ho ya e hlwekisa. Ditshila tsohle tseo ba di fumaneng ka Tempeleng ya Morena ba di hlekela ka seotlwaneng sa Tempele ya Morena. Balevi ba nka ditshila tsena ba di lahlela ka molatswaneng wa Kiderone.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Baprista ba kena kahare ho ntlo ya Jehova ho e hlwekisa; ba lahlela ntle, lebaleng la ntlo ya Jehova, ditshila tsohle tseo ba di fumaneng tempeleng ya Jehova, mme Balevi ba di nka ho di isa kantle, molatswaneng wa Kedrone.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 29:16
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Baahi bohle ba naha ba bokolla haholo, ha setjhaba sohle se fetela pele. Ha kgosi e tshela molatswana wa Kiderone, setjhaba sohle sa fetela pele, ka tsela e yang lehwatateng.


Kgosi Asa a tlosa Maaka, nkgonwae, setulong sa bofumahadi, hobane o ne a ile a etsa setshwantsho se nyonyehang sa Ashera. Asa a robaka modimo oo wa nkgonwae, a o thua, a o tjhesetsa ka molatswaneng wa Kiderone.


A haha Sehalalelo se halalelang ka ho fetisisa. Bolelele ba sona bo ne bo lekana le bophara ba Tempele, e le dimethara tse ka bang robong, le bophara ba sona e le dimethara tse ka bang robong. A se maneha kgauta e hlwekisitsweng, e etsang boima ba dithane tse ka bang mashome a mabedi a motso o mong.


Batho ba tlosa dialetare Jerusalema, ba tlosa le dialetare tsohle tsa mokubetso, ba di lahlela ka molatswaneng wa Kiderone.


Baprista ba tlisa areka ya selekane sa Morena ka Tempeleng, ba e bea ditulong tsa yona, ka Sehalalelong se halalelang ka ho fetisisa, tlasa mapheo a dikerubime.


Yaba ke laela hore ho hlwekiswe dikamore, mme tsa hlwekiswa. Ka nto kgutlisetsa thepa ya Tempele ya Modimo, le nyehelo ya dijo, le mokubetso, ka ho tsona.


Ke tla le lopolla ho tsohle tse le silafatsang, ke le tlisetse tjhai ya koro, le se ke la hlola le bolawa ke sekoboto.


“Le madimabe lona Ditsebi tsa Molao le Bafarisi, baikaketsi ting! Le jwaloka mabitla a kwetlisitsweng, a tadimehang a kgahleha kantle, empa kahare a tletse masapo a bafu le dibodu tsohle.


Hoba Jesu a bolele tsena, a tswa le barutuwa ba hae, a tshelela mose ho nokana ya Kederone, moo ho neng ho ena le serapa teng; a kena ho sona le barutuwa ba hae.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ