Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 28:4 - BIBELE

4 A etsa mahlabelo, a tjhesetsa le mokubetso dibakeng tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona, le hodima maralla, le katlase ho difate tsohle tse talana.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

4 Hape, a nna a hlaba mahlabelo, a tjhesa le dibano dinqalong tse diphahameng, le maralleng, le tlasa difate tsohle tse tala.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 28:4
10 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jakobo a etsa sehlabelo thabeng, a bitsa bana babo ho tla ja; yaba ba ja, ba robala thabeng.


Yaba Jeroboame o re ho mosadi wa hae: “Ke a o rapela: Ako tsamaye o ikgakantse, ho se ke ha tsejwa hore o mosadi wa ka, o ye Shilo. Moporofeta Ahiya o teng hona moo, e leng yena ya neng a mpolelle hore ke tla ba kgosi ya setjhaba sena.


Hodima maralla wohle a phahameng, le katlasa difate tsohle tse talana, ba ikgahela dibaka tsa borapedi, ba iketsetsa difika tseo ba di kgumamelang, le ditshwantsho tsa Ashera.


Hape a etsetsa mahlabelo dibakeng tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona, le tse hodima dithaba, le tse katlasa difate tsohle tse talana, mme a tjhesetsa mokubetso hona teng.


Le hoja Asa a sa ka a fedisa dibaka tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona, naheng ya Iseraele, empa o nnile a tshepahala ka pelo ya hae yohle, ka nako yohle ya ho phela ha hae.


Ka lebaka la Akase, kgosi ya Iseraele, Morena a kokobetsa setjhaba sa Juda, hobane Akase a ile a totisa bokgopo naheng ya Juda, mme a se ke a tshepahala ho Morena.


Metseng yohle ya naha ya Juda a haha dibaka tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona, hore ho tjhesetswe medimo ena mokubetso ho tsona, mme ka hona a halefisa Morena Modimo wa bo-ntatae.


Ke tla senya dibaka tsa lona tsa borapedi tse maralleng, ke heletse dialetare tsa lona tsa ho tjhesetsa mokubetso, ke akgele ditopo tsa lona hodima ditopo tsa medimo ya lona, mme ke le nyonye.


Tsena tsohle di bakilwe ke dibe tsa Jakobo, di bakilwe ke dibe tsa ntlo ya Iseraele. Dibe tsa Jakobo di bakilwe ke mang? Di bakilwe ke baahi ba Samaria. Ho kgumamela medingwana ho bakilwe ke mang Judea? ho bakilwe ke baahi ba Jerusalema.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ