Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 28:27 - BIBELE

27 Akase a shwa, mme ba mo epela motseng wa Jerusalema. Empa ba se ke ba mo epela mabitleng a dikgosi tsa Iseraele. Hesekiya, mora wa hae, a mo hlahlama.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

27 Yaba Akase o orohela ho bontatae, mme a patwa motseng wa Jerusalema; empa ha a ka a tliswa mabitleng a marena a Iseraele; mme Esekiase, mora hae, ya eba morena tulong tsa hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 28:27
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Akase a shwa, mme a epelwa le bo-ntatae, Motseng wa Davida. Mora wa hae, Hesekiya, a mo hlahlama.


Hesekiya, mora wa Akase, kgosi ya Juda, o ne a qale ho busa ka selemo sa boraro sa puso ya Hoshea, mora wa Ela, kgosi ya Iseraele.


Bana babo Jehorame, e leng bara ba Jehoshafate, e ne e le Asariya, le Jeiele, le Sekariya, le Asariyahu, le Mikaele, le Shefatiya. Bana kaofela e ne e le bara ba Jehoshafate, kgosi ya Iseraele.


Jehorame o ne a ena le dilemo tse mashome a mararo a metso e mmedi ha a qala ho busa. A busa ka dilemo tse robedi a le Jerusalema. A shwa setjhaba se se se sa mo rate. Leha ho le jwalo, sa mo epela Motseng wa Davida, empa e seng mabitleng a dikgosi.


Baarame ba mo siya ba mo ntshitse dikotsi tse tshabehang. Bahlanka ba hae ba mo rera, hobane o ne a ile a bolaya bara ba moprista Jehoyada. Ba mmolaela diphateng tsa hae, mme a shwa. Ba mo epela Motseng wa Davida, empa e seng mabitleng a dikgosi.


Yaba Usiya o a shwa, ba mo epela le bo-ntatae, setsheng seo ho epelwang dikgosi ho sona, hobane ba ne ba re: “Usiya ke molepera!” Jotame, mora wa hae, a mo hlahlama.


Hesekiya o ne a ena le dilemo tse mashome a mabedi a metso e mehlano ha a qala ho busa. A busa ka dilemo tse mashome a mabedi a metso e robong, a le Jerusalema. Lebitso la mmae e ne e le Abiya, moradi wa Sakariya.


Manase a shwa, mme ba mo epela ka tlung ya hae. Amona, mora wa hae, a mo hlahlama.


Ho hopolwa ha mofu ya lokileng ho lehlohonolo, empa bitso la ya kgopo le ke ke la hopolwa.


Bona ke boporofeta bo ileng ba bolelwa ka selemo seo kgosi Akase a ileng a shwa ka sona:


“Ka baka leo, Morena Modimo wa Iseraele, o re: ‘Ruri ke ne ke itse ntlo ya hao, le ntlo ya ntatao, e tsamaye kapele ho nna kamehla yohle.’ Empa jwale Morena o re: ‘Hoo ho ke ke ha hlola ho etsahala, hobane ke tla tlotla ba ntlotlang, empa ba nnyedisang ke tla ba nyedisa.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ