Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 28:22 - BIBELE

22 Ka nako ya ditsietsi tsena tsa hae, yena kgosi Akase eo a sitelwa Morena le ho feta.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

22 Leha a ne a ntse a tsietswe hakalo, morena Akase a nna a eketsa ho sitelwa Jehova.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 28:22
10 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Esitana leha hona ho se ho etsahetse, Jeroboame a nna a tswela pele mekgweng ya hae e kgopo. Batho ba eisehang hara setjhaba a nna a ba etsa baprista ba ditempele tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona. Mang kapa mang ya ratang, a mo etsa e mong wa baprista ba ditempele tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona.


Eitse ha Manase a le ditlokotsing, a batla Morena Modimo wa hae, a ikokobetsa haholo kapele ho Modimo wa bo-ntatae.


Esetere a re: “Mohlorisi eo, le sera seo se re hloileng, ke Hamane enwa ya kgopo!” Hamane a tshoha hoo kgosi le mofumahadi ba ileng ba lemoha.


Ipiletse ho nna ka nako ya matshwenyeho; ke tla o lopolla, mme wena o tla ntlotlisa.”


Modimo o tla o ripitlela ruri, a o hlwibile, a o hotolele ntle ho tente ya hao, a o fedise lefatsheng la ba phelang.


Le sa tla boela le otlwa hokae, ha le ntse le pheella ho mo fetohela? Hlooho yohle e se tletse maoma, mmele wohle le wona o a kula.


Morena, ha ke re wena o batla nnete? O ba otlile, ha ba a utlwa bohloko; o ba kgahlotse, ha ba a boela tseleng, ba thatafaditse fahleho tsa bona sa lejwe, ba hanne ho bakela dibe tsa bona.


“ ‘Tjhaba sena sa ka ke se bea tekong; haeba se fela se hana ho baka, tsena tsohle di tla etsahala ho sona, ho rialo Morena Modimo.’


Ke tla tsamaya ke ikgutlelle haeso, ho fihlela ba dumela molato wa bona, ba o dumela, ba bile ba mpatla. Matshwenyehong a bona ba tla mpatla, ba mpatlisise.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ