Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 28:19 - BIBELE

19 Ka lebaka la Akase, kgosi ya Iseraele, Morena a kokobetsa setjhaba sa Juda, hobane Akase a ile a totisa bokgopo naheng ya Juda, mme a se ke a tshepahala ho Morena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

19 Jehova o ne a kokobetsa Bajuda jwalo ka baka la Akase, morena wa Iseraele; hobane a ne a entse ka bohlola naheng ya Juda, a bile a sitetswe Jehova ka mekgwa e mengata.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 28:19
20 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jwale Modimo a re: “Ke mang ya o boleletseng hore ha o a tena letho? Na o jele sefate seo ke o laetseng hore o se ke wa se ja?”


Mahlo a bona bobedi a tutuboloha, mme ba elellwa hore ha ba a tena letho. Ba rokahanya mahaba a sefate sa feiye, ba iketsetsa meitlamo.


Morena o tla lahla bana ba Iseraele ka baka la dibe tseo Jeroboame a di entseng, le tseo a entseng hore bana ba Iseraele ba di etse.”


Elia a mo araba, a re: “Ha ke eso hlorise Iseraele, empa ke wena le ba lelapa leno ba hlorisang Iseraele, hobane le furaletse melao ya Morena, mme wena o sebeletsa bo-Baale.


Bana babo Jehorame, e leng bara ba Jehoshafate, e ne e le Asariya, le Jeiele, le Sekariya, le Asariyahu, le Mikaele, le Shefatiya. Bana kaofela e ne e le bara ba Jehoshafate, kgosi ya Iseraele.


Akase o ne a ena le dilemo tse mashome a mabedi ha a qala ho busa. A busa ka dilemo tse leshome le metso e tsheletseng, a le Jerusalema. Empa ha a a ka a kgahlisa Morena Modimo wa hae, jwalokaha Davida, ntataemoholo, yena a ile a kgahlisa Morena.


A etsa mahlabelo, a tjhesetsa le mokubetso dibakeng tseo ho rapellwang medimo ya bohata ho tsona, le hodima maralla, le katlase ho difate tsohle tse talana.


Manase a etsa hore ba setjhaba sa Juda le baahi ba Jerusalema ba etse sebe, le hore ba etse bobe bo fetang ba ditjhaba tseo Morena a neng a di timetse mahlong a bana ba Iseraele.


ha o bona moikgohomosi o mo theole, o tlabikelle ba kgopo tulong tsa bona;


Moshe a hlokomela hore setjhaba se iketsetsa borata, hobane Arone a ne a se tloheletse ho iketsetsa borata, le ho iphetola sesomo hara dira tsa sona.


Ho loka ho atlehisa setjhaba, empa sebe ke sekgobo ho sona.


Boikakaso ba motho bo a mo diha, empa boikokobetso bo mo tlisetsa hlompho.


Efraime o hateletswe, o hlotswe ke nyewe, hobane a ne a batla thuso, a e batla ho medingwana.


Ke nyehelo e tlosang molato. Ruri motho eo o sitetswe Morena.”


Ditaelo tsa Omeri le di phethile, le mesebetsi yohle ya ntlo ya Akabe, dikeletso tsa bona le ile la di latela; ka baka leo, ke tla le timetsa, tjhaba sa lona ke se fetole sesomo, sekgobo sa baditjhaba le se jare jwalo.”


“Mojaki ya jakileng haeno o tla o phahamela haholoholo, empa wena o tla theohela tlasetlase.


“Bonang, ke tla jwaloka leshodu. Ho lehlohonolo ya fadimehang, ya sa hloboleng diaparo tsa hae, hore a tle a se ke a tsamaya a le feela, mme batho ba bona tse dihlong tsa hae.”


Morena o a futsanehisa, o bile o a ruisa, o a kokobetsa, o bile o a phahamisa,


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ