Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 28:15 - BIBELE

15 Banna ba ileng ba thonngwa ka mabitso ba ema, ba nka bathopuwa. Ka thepa e hapilweng ba apesa bohle ba neng ba hlobotse; ba ba apesa, ba ba rwesa dieta, ba ba fepa, ba ba fa se nowang, ba ba tlotsa ka ole. Ba fokolang ba bona ba ba palamisa ditonki, ba ba isa Jeriko, motseng wa dipalema, ho bana babo bona, ba nto kgutlela Samaria.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

15 Banna ba tswa thonngwa ka mabitso ba ema, ba nka batshwaruwa, mme ka ntho tsa kgapo ba apesa bohle ba bona ba neng ba hlobotse; ba ba apesa, ba ba rwesa dieta, ba ba nea ho ja le ho nwa, ba ba tlotsa; ba palamisa bohle ba kgathetseng diesele, mme ba ba isa Jeriko, motseng wa dipalema, ho banababo bona; ba ntoo kgutlela Samaria.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 28:15
21 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Elisha a araba, a re: “O se ke wa ba bolaya. Na bao o ba thopileng ka sabole ya hao, le ka seqha sa hao, o ka ba bolaya? Ba fe dijo le metsi, ba je, ba nwe, ba nto kgutlela ho monga bona.”


Kgosi ya ba etsetsa mokete o moholo wa dijo. Ha ba se ba jele, ba nwele, ya re ba tsamaye, mme ba kgutlela ho monga bona. Yaba mara a Arame ha a sa hlola a futuhela naha ya Iseraele.


Ba bang ba dihlooho tsa bana ba Iseraele, e leng bo-Asariya, mora wa Johanane, le Berekiya, mora wa Meshilemote, le Jehesekiya, mora wa Shalome, le Amasa, mora wa Hadelai, ba bolella ba tswang ntweng sefahlamahlo,


Yaba bahlabani ba tlohela bathopuwa le kgapo kapele ho mahosana le setjhaba sohle.


ba tswang Jeriko e le makgolo a mararo le mashome a mane a metso e mehlano;


Yaba ba re: “Re tla di kgutlisa, mme re ke ke ra ba lefisa letho. Re tla etsa jwalokaha o boletse.” Jwale ka bitsa baprista, le mahosana ana, le babusi bana, ka ba hlapantsha hore ba etse jwalokaha ba tshepisitse.


Ke hore o abelane dijo le ba lapileng, o amohele baleleri lapeng la hao, ba hlobotseng o ba fe diaparo, bang ka wena o ba thuse.


“Empa nna ke re ho lona ba mmametseng: Ratang dira tsa lona, etsang ba le hloileng hantle,


Yare ha a tswela lebopong, a kgahlanyetswa ke monna e mong ya tswang motseng, ya neng a ena le bademona, e se e le nako e telele a sa apare letho, a sa dule ka tlung, a mpa a dula mabitleng.


Batho ba tswa ho ya bona se etsahetseng, ba tla ho Jesu, mme ba fumana monna eo bademona ba tswileng ho yena a dutse maotong a Jesu, a apere, kelello ya hae e tsitsitse hantle, mme ba tshoha.


Petrose a ema, a ya le bona. Ha a fihla, ba mo isa kamoreng e kahodimo, mme bahlolohadi bohle ba mo teela hare ba ntse ba lla, ba mmontsha mefuta ya diaparo eo Dorokase a neng a di etse ha a sa ntse a phela.


Rona ba matla tumelong, re tshwanetse ho jarela ba fokolang mefokolo ya bona e seng ho ikgahlisa.


le Negebe, le phula ya kgohlo ya Jeriko, e leng motse o difate tsa dipalema, ho ya fihla Soware.


Hape e be ya pakwang ke mesebetsi ya hae e metle, e kang ho hodisa bana hantle, ho amohela baeti, ho hlatswa badumedi maoto, ho thusa ba tsietsing, esita le ho nna a etsa mesebetsi yohle e molemo.


Bana ba mohwe wa Moshe, eo e leng Mokene, ba nyoloha le banna ba Juda ho tloha motseng wa dipalema, ho ya lefeelleng la Juda le ka borwa ho Arada. Ba ya, ba aha le setjhaba seo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ