Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 28:11 - BIBELE

11 Ka baka lena, mmameleng, mme le kgutlise bathopuwa bao le ba thopileng e le bana babo lona, hobane Morena o le halefetse.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Oho, jwale, nkutlweng, mme le kgutlise batshwaruwa bao le ba tlisitseng le ba tshwere hara banababo lona; hobane bohale ba Jehova bo le tuketse.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 28:11
10 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ba bang ba dihlooho tsa bana ba Iseraele, e leng bo-Asariya, mora wa Johanane, le Berekiya, mora wa Meshilemote, le Jehesekiya, mora wa Shalome, le Amasa, mora wa Hadelai, ba bolella ba tswang ntweng sefahlamahlo,


Bana ba Iseraele ba thopa bana babo bona ba dikete tse makgolo a mabedi, e le basadi, le bara, le baradi. Ba hahara le kgapo e ngata, ba e isa Samaria.


Baetapele bohle ba setjhaba ba ke ba eme ka maoto; bohle ba metseng ya rona, ba nyetseng basadi ba baditjhaba, ba tle ka nako e beilweng, mme ba tle le baholo, le baahlodi ba motse o mong le o mong, ho fihlela kgalefo ya Modimo wa rona, tabeng ena, e re fapoha.”


Esale ke le madimabe, ke batla ke eshwa, ho tloha botjheng ba ka; ke jere kotlo tsa hao tse tshabehang, ke tsiapane.


“Mokgwa wa ho itima dijo oo ke o kgethileng ke ona: Ke hore o lokolle mahlaahlela a bokgopo, o imolle ba imetsweng ke mejaro ya bona, ba hateletsweng o ba lokolle, mesebetsi yohle ya botlatlapi o e fedise.


Ho lehlohonolo ba mohau, hobane ba tla hauhelwa.


hobane le tla ahlolwa ka kahlolo eo le ahlolang ba bang ka yona, mme kahlolo eo ya lona e tla lekanyetswa ka tekanyo eo le lekanyetsang ba bang ka yona.


Ya hlokileng mohau o tla ahlolwa ho se mohau, empa ya bileng mohau ha a tshabe ho ahlolwa.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ