Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 27:1 - BIBELE

1 Jotame o ne a ena le dilemo tse mashome a mabedi a metso e mehlano ha a qala ho busa. A busa ka dilemo tse leshome le metso e tsheletseng, a le Jerusalema. Lebitso la mmae e ne e le Jerusha, moradi wa Sadoke.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

1 Jothame o ne a le dilemo tse mashome a mabedi a metso e mehlano ha a qala ho busa, a busa ka dilemo tse leshome le metso e tsheletseng Jerusalema; bitso la mmae e ne e le Jerusha, moradi wa Tsadoke.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 27:1
9 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jowashe a tswala Amasiya, Amasiya a tswala Asariya, Asariya a tswala Jotame,


Kgosi Usiya ya eba molepera ho fihlela a eshwa. A phela a le inotshi tlung e kathoko, hobane o ne a ke ke a hlola a kena ka Tempeleng ya Morena. Jotame, mora wa hae, ya eba yena mookamedi wa lelapa la kgosi, a busa setjhaba sa naha eo.


Yaba Usiya o a shwa, ba mo epela le bo-ntatae, setsheng seo ho epelwang dikgosi ho sona, hobane ba ne ba re: “Usiya ke molepera!” Jotame, mora wa hae, a mo hlahlama.


O ne a ena le dilemo tse mashome a mabedi a metso e mehlano ha a qala ho busa. A busa ka dilemo tse leshome le metso e tsheletseng, a le Jerusalema.


Ena ke pono eo Esaya, mora wa Amose, a neng a e senolelwe mabapa le Juda le Jerusalema, mehleng ya ha ho busa Usiya le Jotame le Akase le Hesekiya, dikgosi tsa Juda.


Mehleng ya puso ya Usiya, le Jotame, le Akase, le Hesekiya, dikgosi tsa Juda, le mehleng ya puso ya Jeroboame, mora wa Jehowashe, kgosi ya Iseraele, lentswe la Morena la fihla ho Hosea, mora wa Beeri.


Mehleng ya puso ya Jotame, le Akase, le Hesekiya, dikgosi tsa Juda, lentswe la Morena la fihla ho Mmikiya wa Moreshete. Morena a mmontsha ka pono tse tla hlahela Samaria le Jerusalema.


Usiya a tswala Jotame, Jotame a tswala Akase, Akase a tswala Hesekia,


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ