Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 26:8 - BIBELE

8 Baamone ba thella Usiya. Lebitso la hae la tuma ho ya fihla meeding ya Egepeta, kahobane o ne a ile a imatlafatsa haholo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

8 Haele Baammone, ba ntshetsa Osiase dinyehelo; mme botumo ba hae ba utlwahala ho fihlela moeding wa Egepeta, hobane a ne a iphile matla ka ho fetisisa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 26:8
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

“Ke tla o etsa setjhaba se seholo, ke o hlohonolofatse, ke tumise lebitso la hao, mme ba bang ba tla hlohonolofala ka wena.


E monyenyane le yena a tswala ngwana wa moshanyana, a mo rea lebitso la Bene-Ami. Ke yena ntata ba bitswang Baamone le kajeno.


Lebitso la Davida la tuma haholo hoba a hlole Baarame ka Kgohlong ya Letswai, moo a ileng a bolaya banna ba dikete tse leshome le metso e robedi.


A hlola Bamoabe, a re ba paqame fatshe, a ba bala; hlopheng se seng le se seng sa bathopuwa ba bararo a bolaya ba babedi, a siya a le mong. Bamoabe ya eba bahlanka ba Davida, ba mo thellang.


O ne a le bohlale ho feta batho bohle, a feta le Etane wa Moesera, le Hemane, le Kalekole, le Dareda, bara ba Mahole, mme lebitso la hae la tuma ditjhabeng tsohle tseo a neng a ahelane le tsona.


Botumo ba Davida ba phatlalla le dinaha tsohle, mme Morena a etsa hore ditjhaba tsohle di mo tshabe.


Ba bang ba Bafilesita ba tlisetsa Jehoshafate dimpho, ba mo thella ka silefera. Maarabia a mo thella ka mehlape ya dipheleu tse dikete tse supileng le makgolo a supileng, le diphooko tse dikete tse supileng le makgolo a supileng.


Kamora tsena, Bamoabe, le Baamone, le Bameune ba bang, ba futuhela Jehoshafate.


Ho feta mona, Usiya a haha ditora Jerusalema, Kgorong e Hukung, le Kgorong e ka Kgohlong, le moo lerako le fellang teng, mme a di haheletsa.


A futuhela le kgosi ya Baamone, a e hlola. Ka sona selemo seo Baamone ba mo thella ka silefera e etsang boima ba dikilo tse dikete tse tharo le makgolo a mane, le ka koro e etsang boima ba dithane tse sekete, le ka harese e etsang boima ba dithane tse sekete. Ka selemo sa bobedi, le ka selemo sa boraro, Baamone ba nna ba mo thella hakaalo.


Setumo sa hae sa utlwahala Siria yohle, mme ha tliswa ho yena bohle ba jewang ke mafu a mefutafuta, ba imetsweng ke mahloko, ba nang le bademona, ba shwang sethwathwa, le diritsa, mme a ba fodisa.


Ha le fihla haufi le bana ba Amone, le se ke la ba futuhela, le se ke la ba qholotsa hore ba lwane. Nke ke ka le nea naha ya Baamone, hobane ke e neile bana ba Lota hore e be ya bona.’ ”


Nahashe wa Moamone a nyoloha, a hloma malebana le Jabeshe-Gileade. Banna bohle ba Jabeshe ba re ho Nahashe: “Etsa selekane le rona, mme re tla o sebeletsa.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ