Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 26:21 - BIBELE

21 Kgosi Usiya ya eba molepera ho fihlela a eshwa. A phela a le inotshi tlung e kathoko, hobane o ne a ke ke a hlola a kena ka Tempeleng ya Morena. Jotame, mora wa hae, ya eba yena mookamedi wa lelapa la kgosi, a busa setjhaba sa naha eo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

21 Morena Osiase ya eba molepera ho isa tsatsing la ho shwa ha hae; mme a nna a dula tlung e kathoko, e le molepera; hobane a ne a lelekilwe tlung ya Jehova. Mme Jothame, mora hae, o ne a laela tlung ya morena, a ntse a ahlola setjhaba sa naha ya Juda.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 26:21
9 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ho ne ho ena le banna ba bane, ba tshwerweng ke lepera, ba dutse kgorong ya motse. Banna bao ba buisana, ba re: “Na re tla dula moo ho fihlela re eshwa?


Ha Moprista e Moholo Asariya le baprista bohle ba mo tadima, ba bona hore o tswile lepera phatleng, ba mo sutumeletsa kantle, mme le yena a tswa ka potlako, hobane Morena o ne a mo otlile.


Jotame o ne a ena le dilemo tse mashome a mabedi a metso e mehlano ha a qala ho busa. A busa ka dilemo tse leshome le metso e tsheletseng, a le Jerusalema. Lebitso la mmae e ne e le Jerusha, moradi wa Sadoke.


Ha a ntse a tshwerwe ke lefu lena, o tla ba le sesila, hobane ruri o sesila. O tla dula a le mong kantle ho diahelo.”


“Motho enwa ya tlilo hlwekiswa o tla hlatswa diaparo tsa hae, a beole moriri wa hae kaofela, a tolle ka metsing, jwale e tla ba o hlwekile. Kamorao ho mona a ka kena ka diahelong, empa o tla dula kantle ho tente ya hae ka matsatsi a supileng.


Meriama a kwallwa kathoko ho diahelo ka matsatsi a supileng, mme setjhaba ha se a ka sa tswela pele leetong ho fihlela Meriama a kgutlisetswa diahelong hape.


Bana ba Iseraele ba etsa jwalo, ba ba lelekela kathoko ho diahelo jwalokaha Morena a ne a buile ho Moshe.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ