Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 26:10 - BIBELE

10 A haha ditora tse ding lehwatateng. A tjheka didiba tse ngata, hobane o ne a ena le mehlape ya diphoofolo diphuleng le dithoteng. O ne a ena le bahlanka ba lemang masimo, le a lemang difate tsa morara dithabeng le Karamele. O ne a rata temo haholo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Hape, a haha ditora lefeelleng, mme a tjheka didiba tse ngata, estwe a ne a ruile makgomo a mangata a fulang dithoteng le masabasabeng, a ruile le balemi ba dikoro le ba merara dithabeng le Karmele, hobane a ne a rata masimo haholo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 26:10
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ka maqosa a hao o omantse Morena, wa re: “Ka tshwele la kariki tsa ka tsa ntwa, ke hlwele meqasa, ka ya fihla qhoweng tsa Lebanone; ka rema metsukutsuku ya kedare tsa teng, ka rema difate tse kgethehileng tsa moo; ka kenella harehare kgutlong tsa teng, ka kenella harehare mefidibithing.


Mesha, kgosi ya Moabe, e ne e le morui wa dinku. Ka selemo se seng le se seng o ne a ntshetsa kgosi ya Iseraele lekgetho ka dikonyana tse dikete tse lekgolo, le ka boya ba dipheleu tse dikete tse lekgolo.


Jehoshafate a nna a matlafala haholo. A haha diqhobosheane le metse eo ho bolokwang dijo le dihlomo ho yona, naheng ya Juda.


A ba le dibaka tse ngata tsa polokelo metseng ya Juda. Jerusalema teng o ne a ena le bahlabani ba bahale.


Hape Usiya o ne a ena le lebotho la bahlabani, le neng le futuha ka mekgahlelo, ho ya kamoo ba neng ba balwa kateng ke Jeiele, eo e neng e le mongodi, le ke Maasiya, eo e neng e le molaodi ya katlasa Hananiya, e mong wa baokamedi ba mabotho a kgosi.


A ikgahela metse, a ba le mehlape e mengata ya dikgutshwane, le ya dikgomo, hobane Modimo o ne a mo file maruo a mangata.


Ha o bona mofutsana a hatellwa, a amohuwa toka le ditokelo tsa hae naheng ya heno, tseo di se ke tsa o makatsa, hobane mookamedi o na le ya mo okametseng, mme baokamedi le bona ba na le mookamedi e moholo.


Haufinyane, Lebanone e tla fetoha masimo a kgwiti, kgwiti eo e fetohe moru o teteaneng.


Ra hapa metse yohle e phuleng, le Gileade yohle, le Bashane yohle, ho ya fihla Saleka, le Ederei, e leng metse ya mmuso wa Oge, e naheng ya Bashane.”


E be Maone, le Karamele, le Sife, le Juta,


Samuele a tsoha e sa le ka madungwadungwana, ho ya kopana le Saule. Samuele a bolellwa, ha thwe: “Saule o fihlile Karamele, mme o ntse a iketsetsa sefika hona teng. O se a bile a kgutlile, a theohetse Gilegale.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ