2 Dikronike 25:6 - BIBELE6 Le naheng ya Iseraele a hira bahlabani ba dikete tse lekgolo ka silefera e ka etsang boima ba dikilo tse dikete tse tharo le makgolo a mane. အခန်းကိုကြည့်ပါ။Sesotho 1909/1961 (SO)6 Hape, a thola banna ba bahale ba ntwa ba dikete tse lekgolo ho Baiseraele, ka moputso wa ditalenta tse lekgolo tsa silefera. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
Amasiya a kgobokanya setjhaba sa Juda kaofela. Hara ba morabe wohle wa Juda, le wa Benjamine, a kgetha balaodi ba bahlabani ba dikete, le balaodi ba ba makgolo, ho ya ka malapa a bo-ntata bona. A ba bala ho tloha ka ba dilemo tse mashome a mabedi ho ya hodimo, mme kaofela ya eba mokgetho wa bahlabani ba dikete tse makgolo a mararo, e le banna ba ka yang ntweng, ba ka lwanang ka thebe le lerumo.