2 Dikronike 25:5 - BIBELE5 Amasiya a kgobokanya setjhaba sa Juda kaofela. Hara ba morabe wohle wa Juda, le wa Benjamine, a kgetha balaodi ba bahlabani ba dikete, le balaodi ba ba makgolo, ho ya ka malapa a bo-ntata bona. A ba bala ho tloha ka ba dilemo tse mashome a mabedi ho ya hodimo, mme kaofela ya eba mokgetho wa bahlabani ba dikete tse makgolo a mararo, e le banna ba ka yang ntweng, ba ka lwanang ka thebe le lerumo. အခန်းကိုကြည့်ပါ။Sesotho 1909/1961 (SO)5 Amatsia a phutha Bajuda, mme a ba lokisa ka matlo a bontata bona, a bea balaodi ba dikete le balaodi ba makgolo hodima Juda le Benjamine kaofela; a bala palo ya ba nang le dilemo tse mashome a mabedi le ba kapele, mme a fihlela banna ba kgethilweng ba dikete tse makgolo a mararo, ba loketseng ntwa, ba tshwereng lerumo le thebe. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
Lena ke lenane la bana ba Iseraele, ho ya ka palo ya bona, e leng dihlooho tsa malapa a bona, le balaodi ba bahlabani ba dikete, le ba bahlabani ba makgolo, le bahlanka ba sebeletsang kgosi ditabeng tsohle tse amanang le mabotho. Ba ne ba sebetsa ka dihlopha tse suthelanang ka kgwedi le kgwedi, selemo sohle. Lebotho ka leng le ne le ena le bahlabani ba dikete tse mashome a mabedi a metso e mene.