Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 25:19 - BIBELE

19 O re o hlotse Baedomo, mme o se o le makokonyana. Itulele ha hao mono! O ratelang ho ikenya tsietsing e tla o timetsa, e be e timetse le setjhaba sa Juda?”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

19 O itse: Bona, ke hlotse Baedomo! mme pelo ya hao e o kakasitse hore o ithorise. O mpe o dule ha hao jwale; o ikenyetsang bomadimabeng, hore ho we wena le Juda hammoho?

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 25:19
19 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Empa Amasiya a se ke a mo mamela, hobane hona ho ne ho entswe ke Modimo, hore a tle a neelane ka bona matsohong a dira tsa bona, kaha ba ile ba batla thuso ya medimo ya Edomo.


Ha Usiya a se a matlafetse a ikgohomosa, mme hona ha etsa hore a we. O ne a ile a sitelwa Morena Modimo wa hae, a kena ka Tempeleng ya Morena ho ya tjhesetsa mokubetso hodima aletare ya mokubetso.


Empa Hesekiya a se ke a leboha seo a se etseditsweng, hobane o ne a ikgohomosa. Ka baka lena, kgalefo ya Modimo ya tlokomela yena le setjhaba sa Juda, le baahi ba Jerusalema.


Empa Neko a romela maqosa ho Josiya, a re: “Taba ya ka le wena ke efe, wena kgosi ya Juda? Kajeno ha ke futuhele wena, empa ke futuhela lelapa leo ke lwantshanang le lona hobane Modimo o ntaetse hore ke potlake. Tlohela ho nna o kenakenana le Modimo, ya ka lehlakoreng la ka, esere a o timetsa.”


Dikgang di hlahiswa ke boikakaso, bohlale bo fumanwa ho ba mamelang dikeletso.


Boikakaso bo etella timelo pele, boikgohomoso bo etelle ho wa, pele.


Leleme la sethoto le baka diqabang, polelo tsa sona di se memela ho shapuwa.


Ke tlotla ho kgaohana le diqabang, sethoto sona ke maratahelele!


Mofeta-ka-tsela ya kenang qabang tsa batho o ka motho ya sothang tsebe tsa ntja ya lelahleha.


Motho ya ikgohomosang o fehla moferefere; ya itshepelang Morena o tla fumana katleho.


Morena o bua tjena: “Mohlalefi a se ithorise ka bohlale ba hae, senatla se se ithorise ka bonatla ba sona, morui a se ithorise ka maruo a hae;


Kgosi eo e hlotseng e tla ikgohomosa ka tlholo ya yona, le ka bahlabani ba diketekete bao e ba bolaileng, empa e ke ke ya boela ya hlola.


Bona, ya kgopo yena a ke ke a phela, athe ya lokileng o tla phela ka tumelo ya hae.”


“Kapa kgosi ke efe, eo ereng ha e ya thulana le kgosi e nngwe ntweng, e sa duleng pele ho imamella hore na ka bahlabani ba kete tse leshome e ka ba le matla a ho kgahlanyetsa e e futuhelang e ena le ba kete tse mashome a mabedi na?


e le hore ho se be mang kapa mang ya ka ithorisang pela Modimo.


yaba dipelo tsa lona di a ikgohomosa, le lebala Morena Modimo wa lona, ya le ntshitseng naheng ya Egepeta, moo le neng le le makgoba teng.


Empa Modimo o re neile mohau o moholo ka ho fetisa. Ke ka hona ho thweng: “Modimo o lwantsha ba ikgohomosang, athe baikokobetsi o a ba hauhela.”


Ka mokgwa o jwalo, lona ba batjha, ikokobeletseng ba baholo. Lona bohle, ebang le maikutlo a boikokobetso, le ikokobetse e mong ho e mong, hobane: “Modimo o lwantsha ba ikgohomosang, athe baikobobetsi o a ba hauhela.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ