Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 25:16 - BIBELE

16 Yare ha moporofeta a ntse a bua le Amasiya, kgosi Amasiya a re ho yena: “Ke ho tloha neng re o kgethileng ho ba moeletsi wa kgosi? Kgutsa, esere ka o bolaya!” Yaba moporofeta o a kgutsa, a nto re: “Ke a tseba hore Modimo o rerile ho o timetsa, hobane o entse hona, mme ha o a ka wa mamela keletso ya ka.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

16 A re a sa bua, morena a re ho yena: Na re o entse neng moeletsi wa morena? Tloha! O ratelang ho otlwa? Yaba moporofeta o tloha, a re: Ke tseba hoba Modimo o rerile ho o timetsa, kahobane o entse hoo, mme o sa ka wa mamela keletso ya ka.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 25:16
29 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Kgosi ya se ke ya mamela setjhaba, hobane hona ho ne ho entswe ke Modimo, e le hore polelo ya Morena e tle e phethahale, eo a neng a ile a e bolela ka molomo wa Ahiya ya tswang Shilo, a e bua ho Jeroboame, mora wa Nebate.


Asa a halefela moporofeta, a ba a mo kenya tjhankaneng. O ne a mo halefetse ka baka la polelo ena, mme ka yona nako eo Asa a phedisa batho ba bang ka thata.


Kgosi ya Iseraele ya re: “Tshwarang Mmikiya, le mo kgutlisetse ho Amona, mmusi wa motse ona, le ho kgosana Jowashe, mora wa kgosi,


Moya wa Modimo wa theohela hodima Sekariya, mora wa moprista Jehoyada, mme yena a ema hara setjhaba, a re: “Modimo o bua tjena: ‘Ke ka baka lang le tlolang ditaelo tsa Morena, le bile le sa atlehe? Ke kahobane le furaletse Morena, mme le yena o le furaletse.’ ”


Ka taelo ya kgosi ba mo rera, ba mmolaya, ba mo tlepetsa ka majwe a le lebaleng la Tempele ya Morena.


Ka baka leo, kgalefo ya Morena ya tlokomela Amasiya, mme Morena a roma moporofeta ho yena, ya ileng a fihla a re: “Ke ka baka lang ha o batlile thuso ya medimo ya baditjhaba, e sitilweng ho namolela beng ba yona matsohong a hao?”


Hoba kgosi Amasiya a eletswe ke banna ba hae, a romela molaetsa ho Jehowashe, mora wa Jehowakase, setloholo sa Jehu, kgosi ya Iseraele, a re: “Tloo, re tlo lebanya dithebe!”


Faro a re ho Moshe: “Tloha pela ka! O itlhokomele, ke se hlole ke o bona hape, hobane mohla nka tshohang ke o bona hape, ke tla o bolaya!”


empa lebaka leo ke o babaletseng ka lona ke la hore, o tle o bone matla a ka, le hore lebitso la ka le tle le tume lefatsheng lohle.


Kaha ba hloile tsebo, ba ikgethetse ho se tshabe Modimo;


kaha keletso ya ka ba sa e amohela, ba nyedisitse kgalemo ya ka yohle,


Ho tloha qalehong ke tsebisitse batho tsa ho qetela, ho tloha mehleng ya boholoholo ka ba tsebisa, ka ba tsebisa tse tla etsahala, ka re: ‘Merero ya ka e tla tiya, ke tla etsa tsohle tseo ke di ratang.’


Bokgopo ba hao ke bona bo tla o otla, ho mphuralla ha hao hona ho o kgaleme. Imamele ke hona o ele hloko kamoo o babelwang ke bokgopo ba hao, ha o furalla Morena, Modimo wa hao, o bile o so sa ntshabe le ho ntshaba,” ho rialo Morena, Modimo wa mabotho.


Baporofeta bao ha ke a ba roma, ho rialo Morena, empa ba porofeta leshano ka lebitso la ka, hore ke tle ke le leleke, mme lona le baporofeta bao le tle le shwe.”


Morena o o entse moprista bakeng sa moprista Jehoyada, hore o be molebedi wa Tempele ya Morena, e le hore motho e mong le e mong ya itlhantshang ka ho iketsa moporofeta, o mo kenye tjhankaneng, o mo tlame ka mahlaahlela maotong le molaleng.


Kahoo bo-Johanane, mora wa Karea, le balaodi bohle ba mabotho, le setjhaba sohle, ba se ke ba mamela lentswe la Morena, la hore ba ahe naheng ya Juda.


Mang le mang ya utlwang modumo wa lenaka, empa a sa tsotelle mokgosi oo, mme eba o bolawa ka sabole, e tla ba ke yena ya ipolaileng.


Hoba Jesu a kene ka Tempeleng, baprista ba baholo le baholo ba setjhaba ba tla ho yena a ntse a ruta, ba re: “Ke ka matla afe o etsang tsee? Matla aa o a neilwe ke mang?”


ho etsa hore tsohle tseo o di laotseng e sa le pele, ka matla a hao le thato ya hao, di phethahale.


Re ka reng, haeba Modimo a ne a rata ho bontsha kgalefo ya hae, le ho tsebahatsa matla a hae, mme a mameletse ka boiphapanyo bo boholo dibopuwa tseo a neng a di halefetse, tse loketseng ho timela?


Ka yena re abetswe lefa. Ho ya ka morero wa ya sebetsang tsohle ka thato ya hae, re kgethilwe e sa le pele,


“Empa Sihone, kgosi ya Heshebone, a se ke a re dumella ho feta naheng ya hae, hobane Morena Modimo wa rona, o ne a ile a thatafatsa moya wa hae, a etsa hore pelo ya hae e be manganga, e le hore a tle a neelane ka yena matsohong a lona, jwalokaha ho etsahetse kajeno.


Nako e a tla eo ka yona ba sa tlong ho mamella thuto ya nnete, empa ho ya ka ditakatso tsa bona ba tla ipokellela baruti ba bangata, ba tlang ho ba bolella tse natefelang ditsebe tsa bona.


Baahi ba lefatshe ba tla di tlaka, ba thabe, ba romellane dimpho, hobane baporofeta bao ba babedi ba ne ba ile ba ba tshwenya haholo.


Ha motho a sitelwa motho e mong, Modimo o tla mo ahlola, empa haeba motho a ka sitelwa Morena, ke mang ya tla mmuella?” Leha ho le jwalo ba se ke ba mamela ntata bona, hobane Morena o ne a rerile ho ba bolaya.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ