Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 25:13 - BIBELE

13 Empa ha e le bahlabani ba lebotho leo Amasiya a ileng a le kgutlisetsa hae, hore le se ke la ya le yena ntweng, ba futuhela metse ya Juda, ho tloha Samaria ho ya fihla Bete-Horone, mme teng ba bolaya batho ba dikete tse tharo, ba nka kgapo e ngata.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

13 Empa bahlabani ba sera se neng se kgutlisitswe ke Amatsia hore se se ke sa ya ntweng le yena, ba futuhela metse ya Juda, ho qala ka Samaria, le ho isa Bethe-Horone; ba bolaya batho ba dikete tse tharo, mme ba hapa kgapo e kgolo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 25:13
7 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Omeri a reka leralla la Samaria ho Shemere ka silefera e ka etsang boima ba dikilo tse mashome a supileng. A haha motse hodima leralla leo, a o reella Shemere, eo e neng e le monga leralla leo, a re ke Samaria.


Ka selemo sa mashome a mararo a metso e robedi Asa e le kgosi ya naha ya Juda, Akabe, mora wa Omeri, a qala ho busa naha ya Iseraele. Akabe, mora wa Omeri, a busa naha eo ka dilemo tse mashome a mabedi a metso e mmedi a le Samaria.


Solomone a tsosa marako a Gesere, a haha le Bete-Horone e tlase,


Setjhaba sa Juda sa thopa ba dikete tse leshome, sa ba hlwesetsa hodima lefika, sa ba dihela, mme bao ba suhlamana.


Ha Amasiya a kgutla ho tswa timetsa Baedomo, a tla le medimo ya bana ba Seire, a e etsa medimo ya hae, a e kgumamela, mme a e tjhesetsa mokubetso.


A tsosa Bete-Horone e kahodimo, le Bete-Horone e katlase, e leng metse e haheleditsweng ka marako, e nang le dikgoro, le mekwallo.


Morena a ba ferekanya, Baiseraele ba ba rinyetsa Gibeone. Ba ba phaladisa ho ya fihla lekgalong la Bete-Horone, mme ba ba bolaya ho ya fihla Aseka, le ho ya fihla Mekeda.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ