Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 25:11 - BIBELE

11 Amasiya a imatlafatsa, mme a etella bahlabani ba hae pele ho ya fihla Kgohlong ya Letswai, moo a ileng a bolaela bahlabani ba Seire ba dikete tse leshome hona teng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Amatsia a ipha matla, mme a tsamaisa setjhaba sa hae, a ya le sona Thoteng ya Letswai, mme teng a qhala dikete tse leshome tsa bana ba Seire.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 25:11
7 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Lebitso la Davida la tuma haholo hoba a hlole Baarame ka Kgohlong ya Letswai, moo a ileng a bolaya banna ba dikete tse leshome le metso e robedi.


Amasiya a bolaela Baedomo ba dikete tse leshome ka Kgohlong ya Letswai, a ba a hapa Sela, a e rea lebitso la Jokotheele, mme e ntse e bitswa jwalo le kajeno-ya-bokajeno.


Amasiya a hlwaya lebotho la ba morabe wa Efraime le neng le tlile ho yena, a le kgutlisetsa hae. Ka baka leo, bao ba halefela setjhaba sa Juda haholo, mme ba kgutlela mahahabo bona ba halefile haholo.


Setjhaba sa Juda sa thopa ba dikete tse leshome, sa ba hlwesetsa hodima lefika, sa ba dihela, mme bao ba suhlamana.


Ka baka leo, kgalefo ya Morena ya tlokomela Amasiya, mme Morena a roma moporofeta ho yena, ya ileng a fihla a re: “Ke ka baka lang ha o batlile thuso ya medimo ya baditjhaba, e sitilweng ho namolela beng ba yona matsohong a hao?”


Pesalema ya Davida, e nang le thuto. Taelo ho motsamaisi wa dibini: E binwe ka mmino wa sefela sa “Mohaladitwe wa bopaki”.


Boikgohomoso ba pelo ya hao bo o thetsitse, wena ya phelang mafarung, hara mafika, eo leaho la hao le leng hara dithaba, wena ya ithorisang ka ho re: ‘Ke mang ya ka ntheolelang tlase?’


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ