Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 25:10 - BIBELE

10 Amasiya a hlwaya lebotho la ba morabe wa Efraime le neng le tlile ho yena, a le kgutlisetsa hae. Ka baka leo, bao ba halefela setjhaba sa Juda haholo, mme ba kgutlela mahahabo bona ba halefile haholo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Yaba Amatsia o ikgaohanya le sera se neng se tswile Efraime, hore se kgutlele ha habo sona; empa bohale ba bona ba tukela Bajuda haholo, mme ba kgutlela ha bona ba befile haholo ke bohale.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 25:10
5 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Banna ba Iseraele ba araba banna ba morabe wa Juda, ba re: “Kabelo ya rona ho kgosi e feta ya lona haleshome; le ho Davida re na le tokelo e fetang ya lona. Jwale le re nyedisitse ka baka lefe? Na hase rona ba qadileng ho bua pele ka taba ya hore kgosi e kgutliswe?” Dipolelo tsa banna ba morabe wa Juda di ne di hlaba ho feta tsa banna ba Iseraele.


‘Morena o bua tjena: Le se ke la nyoloha ho ya lwantsha bana babo lona, e leng bana ba Iseraele. Monna e mong le e mong a kgutlele lapeng ha hae, hobane hona ho entswe ke nna.’ ” yaba ba mamela lentswe la Morena, mme ba kgutlela malapeng a bona, ho latela polelo ya Morena.


Amasiya a imatlafatsa, mme a etella bahlabani ba hae pele ho ya fihla Kgohlong ya Letswai, moo a ileng a bolaela bahlabani ba Seire ba dikete tse leshome hona teng.


Yaba Amasiya o re ho moporofeta wa Modimo: “Jwale re tla etsa jwang ka silefera e etsang boima ba dikilo tse dikete tse tharo le makgolo a mane, eo re seng re lefile lebotho la Iseraele ka yona?” Moporofeta wa Modimo a araba, a re: “Morena a ka o nea e ngata ho feta ena.”


Motho ya bohale o baka diqabang, ya hlonameng yena o tletse bokgopo.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ