Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 24:25 - BIBELE

25 Baarame ba mo siya ba mo ntshitse dikotsi tse tshabehang. Bahlanka ba hae ba mo rera, hobane o ne a ile a bolaya bara ba moprista Jehoyada. Ba mmolaela diphateng tsa hae, mme a shwa. Ba mo epela Motseng wa Davida, empa e seng mabitleng a dikgosi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

25 Eitse hobane ba tlohe ho yena, ba mo siile bohlokong bo boholo, bahlanka ba hae ba mo fetohela ka baka la madi a bara ba moprista Jehojada; yaba ba mmolaela diphateng tsa hae, a shwa. A patwa motseng wa Davida, ba mpa ba se ke ba mo pata mabitleng a marena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 24:25
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Empa Basha, mora wa Ahiya, wa ntlo ya Isakare, a mo rera, mme a mmolaela motseng wa Bafilesita o bitswang Gibetone, ha bo-Nadabe le Baiseraele bohle ba ne ba etseditse motse oo thibella.


Hape Morena a etsa hore Bafilesita, le Maarabia a neng a ahelane le Bakushe, ba hloye Jehorame.


Kgosi Jorame a kgutlela Jesereele, ho ya okwa maqeba ao a a ntshitsweng ha a le Rama, ha a ne a lwantsha Hasaele, kgosi ya Arame. Jwale Akasiya, mora wa Jehorame, kgosi ya Juda, a theohela Jesereele ho ya hlwela Jorame, mora wa Akabe, hobane o ne a kula.


Jwale ba tsoma Akasiya ya neng a ipatile Samaria. Ba mo tshwara, ba mo isa ho Jehu. Hoba ba mmolaye, ba mo epela, hobane ba ne ba re: “Ke mora wa Jehoshafate ya neng a sebeletsa Morena ka pelo ya hae yohle.” Ka baka leo, ha se ke ha hlola ho eba le ya mong wa lelapa la Akasiya ya neng a ka busa.


A epelwa Motseng wa Davida, le dikgosi tse ding, hobane o ne a sebeleditse Iseraele, le Modimo, le Tempele ya Modimo hantle.


Ba ileng ba mo rera ke bana: Sabada, mora wa Shimate, eo e neng e le mosadi wa Moamone, le Jehosabada, mora wa Shimerite, eo e neng e le mosadi wa Bamoabe.


Kamora hoba Amasiya a furalle Morena, ba mo kunuta a le Jerusalema, yaba o balehela Lakishe, empa ba mo sadisa bahlabani morao ho ya fihla Lakishe, moo ba ileng ba mmolaela hona teng.


Yare ha a se a tsitsitse bokgosing ba hae, a bolaya bahlanka ba hae, ba neng ba bolaye kgosi, e leng ntatae.


Akase a shwa, mme ba mo epela motseng wa Jerusalema. Empa ba se ke ba mo epela mabitleng a dikgosi tsa Iseraele. Hesekiya, mora wa hae, a mo hlahlama.


Athe wena o bona bomadimabe le mahlomola; o a di lemoha, mme o a di laola. Ya tsielehileng o tshepile wena, ke wena mothusi wa dikgutsana.


Ba tsholotseng madi a bahalaledi le a baporofeta, o ba nwesitse madi; hona ho ba loketse.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ