Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 24:24 - BIBELE

24 Lebotho la Arame e ne e le sehlotshwana sa bahlabani, empa Morena a neelana ka lebotho le leholo la Baiseraele matsohong a Baarame, hobane Baiseraele ba ne ba furaletse Morena Modimo wa bo-ntata bona. Ka mokgwa ona ba ahlola Jowashe.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

24 Leha sera sa Siria se ne se tlile e le sa batho ba seng bakae, leha ho le jwalo, Jehova a neela sera se seholo haholo matsohong a sona, kahobane Bajuda ba ne ba furaletse Jehova, Modimo wa bontata bona; ha ho le jwalo, Basiria ba phetha dikahlolo hodima Joase.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 24:24
19 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jwale Hasaele, kgosi ya Arame, a nyoloha, a futuhela Gate, a e hapa a nto rera ho futuhela Jerusalema.


Ka yona nako eo, Hanani wa moporofeta a fihla ho Asa, kgosi ya Juda, a re ho yena: “Kahobane o ile wa tshepa kgosi ya Arame, wa se ke wa tshepa Morena Modimo wa hao, lebotho la kgosi ya Arame le o phonyohile.


Ha Jehu a ntse a phethahatsa kahlolo ho ba lelapa la Akabe, a fumana mahosana a setjhaba sa Juda, le bara ba bana babo Akasiya, ba neng ba sebeletsa Akasiya, mme a ba bolaya.


Moya wa Modimo wa theohela hodima Sekariya, mora wa moprista Jehoyada, mme yena a ema hara setjhaba, a re: “Modimo o bua tjena: ‘Ke ka baka lang le tlolang ditaelo tsa Morena, le bile le sa atlehe? Ke kahobane le furaletse Morena, mme le yena o le furaletse.’ ”


Ka lebaka lena, Morena Modimo wa hae, a neelana ka Akase matsohong a kgosi ya Arame. Kgosi ena ya mo hlola, mme ya thopa letshwelehadi la setjhaba sa Juda, ya le isa Damaseka. Hape ha neelanwa ka yena matsohong a kgosi ya Iseraele, e ileng ya mo hlola, bahlabani ba hae ya ba etsa mofela.


A tswa naheng e hole, pheletsong tsa lehodimo, Morena o tla ka dihlomo tsa kgalefo ya hae, hore fatshe lohle a tle a le timetse.


Ba sekete ba lona ba tla phaladiswa ke a le mong, ba bahlano bona ba le phaladise bohle, ho fihlela le sala le ka sefate, se itsolokileng hodima thaba, le ka mokgele hodima leralla.”


Leha le ne le ka bolaya lebotho lohle la Bakalatiya le le futuhetseng, mme ha sala mahlatsipa feela ka ditenteng, a ne a tla tswa ka ditenteng tsa wona, a tjhese motse ona ka mollo.”


Ke tla le bolaya ka sabole, ho phetetsa selekane sa ka hobane le se sentse. Leha le ka la phuthehela metseng ya lona, ke tla le romela lefu la sewa, mme ke le neele dira tsa lona.


A tla hatana hodimo jwalokaha eka a baleha sabole, le hoja ho se ya a lelekisang, mme a tla hloka matla a ho lwantsha dira tsa wona.


Ba bahlano ba lona ba tla lelekisa ba lekgolo, ba lekgolo ba lona ba lelekise ba kete di leshome, mme le bolaye dira tsa lona ka sabole.


Oho, Morena, o bile teng pele le ho tlholeho! O Modimo wa ka, o Ya Halalelang wa ka! O Modimo wa ka, Modimo ya sa shweng. Oho, Morena, o ba kgethetse ho phetha kahlolo. Oho, Lefika la ka, o ba reretse ho re kgalema.


“Tsohle tse lefatsheng ke tla di fedisa,” ho rialo Morena.


“Morena o tla etsa hore o hlolwe ke dira tsa hao. Ha o di futuhela o tla ya o tsamaya ka tsela e le nngwe, empa ha o di baleha o tla phasaphasa ka tsela tse ngata. O tla ba mmutladintjeng ho mebuso yohle ya lefatshe.


Ka baka leo, o tla sebeletsa dira tsa hao, tseo Morena Modimo wa hao, a tla o romella tsona, o lapile, o nyorilwe, o hlobotse, o hloka dintho tsohle. Di tla bea joko ya tshepe molaleng wa hao, ho fihlela di o timetsa.”


Motho a ka phaladisa sekete a le inotshi? Ba babedi ba lelekisa di le leshome, Fika la bona le sa ba rekisa, Morena a sa neelana ka bona?


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ