Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 24:22 - BIBELE

22 Jowashe a se ke a ba a hopola molemo oo Jehoyada, ntata Sekariya, a ileng a mo etsetsa wona, yaba o bolaya mora wa Jehoyada. Ha Sekariya a eshwa, a re: “Morena a ke a le bone, mme a le otle!”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

22 Morena Joase ha a ka a elellwa molemo oo Jehojada, ntata Sakaria, a neng a mo etseditse wona; a bolaya mora wa hae; mme eo, ho shweng ha hae, a re: Jehova a ke a bone, mme a ahlole!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 24:22
19 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba Rubene o a ba araba, o re: “Na ke ne se ke ke le bolella hore le se ke la sitelwa mohlankanyana, empa la se ke la mamela? Bonang jwale, madi a hae a batlwa ho rona.”


Madi a lona, e leng bophelo ba lona, ke tla a batla. Ke tla a batla dibataneng tsohle, le matsohong a motho. Ke tla batla bophelo ba motho matsohong a ngwanabo.


Athe wena o bona bomadimabe le mahlomola; o a di lemoha, mme o a di laola. Ya tsielehileng o tshepile wena, ke wena mothusi wa dikgutsana.


Ba mpuseletsa lerato la ka, ba mpuseletsa lona ka ho nqosa, leha ke ntse ke ba rapella.


hobane ya phetetsang madi o hopola bahlophehi, ha a lebale sello sa bona.


Ya buseletsang botle ka bokgopo, bokgopo bo ke ke ba tloha lapeng la hae.


Empa wena Morena wa mabotho, wena ya ahlolang ka toka, wena ya lekolang pelo le kelello, a nke ke bone phetetso ya hao hodima bona, nna ke beile nyewe ya ka kapele ho wena.


Batupi ba etseditse Babilona lelobelo, bahlabani ba yona ba ba thopile, diqha tsa bona tsohle di robehile, hobane Morena ke Modimo ya phetetsang, o tla ba lefeletsa ka ho tlala.


ho tloha mading a Abele, ho ya fihla mading a Sakariya, ya ileng a timetswa pakeng tsa aletare le Tempele.’ E, ke a le bolella, a tla batlwa ho moloko ona.


Jesu a re ho bona: “Ke le bontshitse mesebetsi e mengata, e molemo, e tswang ho Ntate; le ntlepeletsa mosebetsi ofe wa yona?”


Aleksandere, eo e leng lelala la lethose, o nkentse hampe haholo. Morena o tla mo nea moputso o lokelang diketso tsa hae.


Ha ke ne ke qala ho ikarabella kgotla, ha ho ya kileng a nkemela, empa bohle ba ile ba ntshabella. E se e ka ba ke ke ba ahlolelwa hoo.


Haeba re ikgahetse aletare hore re tlohele ho latela Morena, kapa ho nyehella hodima yona ka nyehelo ya setjheso, kapa ka nyehelo ya dijo, kapa ho nyehella ho yona ka dinyehelo tsa teboho, Morena a re ahlole ka boyena.


Wena lehodimo, le lona bahalaledi, le baapostola, le baporofeta, thabang ke hona, hobane Modimo o le ahloletse ka ho ahlola motse oo!’ ”


hobane dikahlolo tsa hae ke tsa nnete, di lokile. O ahlotse seotswa se seholo, se sentseng lefatshe ka bootswa ba sona, mme a lefeletsa madi a bahlanka ba hae ka sona.”


Lelapa la Jerubaale, e leng Gideone, ba se ke ba hlola ba le bontsha teboho ya letho, bakeng sa molemo wohle oo Gideone a ileng a o etsetsa Baiseraele.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ