Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 24:16 - BIBELE

16 A epelwa Motseng wa Davida, le dikgosi tse ding, hobane o ne a sebeleditse Iseraele, le Modimo, le Tempele ya Modimo hantle.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

16 A patwa tlung ya Davida hara marena; hobane a ne a etseditse Iseraele le Modimo le ntlo ya wona molemo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 24:16
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Davida a shwa, mme a epelwa Motseng wa Davida.


Yaba kgosi Jowashe o bitsa moprista Jehoyada, le baprista ba bang, o re ho bona: “Ke ka lebaka lang le sa thibang mapatso a Tempele? Ka lebaka lena he, le se hlole le bokella tjhelete ho batho bao le ba tsebang; le neelane ka e seng e le teng, ho tle ho thijwe mapatso a Tempele ka yona.”


Bana babo Jehorame, e leng bara ba Jehoshafate, e ne e le Asariya, le Jeiele, le Sekariya, le Asariyahu, le Mikaele, le Shefatiya. Bana kaofela e ne e le bara ba Jehoshafate, kgosi ya Iseraele.


Jehorame o ne a ena le dilemo tse mashome a mararo a metso e mmedi ha a qala ho busa. A busa ka dilemo tse robedi a le Jerusalema. A shwa setjhaba se se se sa mo rate. Leha ho le jwalo, sa mo epela Motseng wa Davida, empa e seng mabitleng a dikgosi.


Ha Jehoyada a se a tsofetse, e se e le mobu, a hlokahala a ena le dilemo tse lekgolo le mashome a mararo.


Hoba Jehoyada a shwe, mahosana a Juda a tla boka dikgomo ho kgosi, mme kgosi ya a mamela.


Hesekiya o ile a etsa jwalo naheng yohle ya Juda, a etsa se molemo, le se lokileng, le seo e leng nnete kapele ho Morena Modimo wa hae.


Yaba ke re: “Oho, Modimo wa ka, ako nkgopole ka baka la hona. O se ke wa lebala mesebetsi ya ka e metle, eo ke e etseditseng Tempele ena ya Modimo wa ka, le ditshebeletso tsa yona!”


Ha barutuwa ba Johanne ba utlwa hona, ba tla, ba nka setopo sa hae, ba se epela lebitleng.


“Banna ba heso, ho a lokela hore ke bue le lona phatlalatsa ka moholoholo wa rona Davida: O ile a shwa, a epelwa, mme lebitla la hae le sa le teng hara rona le kajeno-ya-bokajeno.


Modimo ha a hloke toka hoo a ka lebalang mosebetsi wa lona, le lerato leo le le bontshitseng ho yena ka ho sebeletsa badumedi, bao le sa ntseng le ba sebeletsa le jwale.


“Ka baka leo, Morena Modimo wa Iseraele, o re: ‘Ruri ke ne ke itse ntlo ya hao, le ntlo ya ntatao, e tsamaye kapele ho nna kamehla yohle.’ Empa jwale Morena o re: ‘Hoo ho ke ke ha hlola ho etsahala, hobane ke tla tlotla ba ntlotlang, empa ba nnyedisang ke tla ba nyedisa.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ