Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 24:14 - BIBELE

14 Ha ba se ba e qetile, ba tlisa tjhelete e setseng ho kgosi le ho Jehoyada, mme ka yona ha etswa thepa ya Tempele ya Morena, le dintho tse sebeletsang, le tsa ho etsa dinyehelo, le dikgaba, le dintho tse entsweng ka kgauta, le ka silefera. Ka matsatsi wohle a ho phela ha Jehoyada, ba nna ba etsetsa Morena dinyehelo tsa setjheso ka Tempeleng ya Morena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

14 Eitse hobane ba qetelle, ba tlisetsa morena le Jehojada tjhelete tse setseng; ka tsona ha etswa mesebetsi ya ntlo ya Jehova, e leng mesebetsi ya tshebeletso le ya ho hlaba ditjheso, le mehope, le e meng mesebetsi ya kgauta le ya silefera. Mme ha nna ha hlajwa ditjheso ka tlung ya Jehova, ka tshiu tsohle tsa Jehojada.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 24:14
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

le dikotlolo, le ditimamabone, le matlao, le dikgaba, le dipitsana tsa mokubetso tsa kgauta e hlwekileng, le dihokelo tsa kgauta tsa mamati a Sehahalelo sa halalelang ka ho fetisisa, le tsa mamati a ntlo, e leng Tempele.


Empa molaodi wa balebedi a siya mafutsana a naha eo hore a leme masimo a morara le masimo a dijo.


Molaodi wa balebedi a nka le dipane, le dikotlolo, le dintho tse ding tse entsweng ka kgauta, le tse entsweng ka silefera.


leha ho etsetswa Morena dinyehelo tsohle tsa setjheso ka matsatsi a Sabatha, le ka mekete ya ho thwasa ha kgwedi, le ka mekete e kgethehileng. Ba ne ba etsa jwalo kapele ho Morena, ho ya ka palo eo ba e beetsweng ka molao.


Solomone a romela molaetsa ho Hirame, kgosi ya Tire, a re: “Jwalokaha o ile wa sebetsa le Davida, ntate, wa mo romela difate tsa dikedare ho ikgahela ntlo, le nna ako sebetse le nna jwalo.


Basebetsi ba sebetsa ka thata, ba phetha mosebetsi, mme ba kgutlisetsa Tempele ya Morena sebopehong sa yona, ba e matlafatsa.


Ha Jehoyada a se a tsofetse, e se e le mobu, a hlokahala a ena le dilemo tse lekgolo le mashome a mararo.


Hesekiya a kgetha dihlopha tsa baprista le tsa Balevi, e mong le e mong a ena le mosebetsi wa hae. Baprista le Balevi ba kgethelwa ho etsa dinyehelo tsa setjheso, le dinyehelo tsa teboho, le ho boka, le ho sebeletsa, le ho rorisa ba le kgorong ya diahelo tsa Morena.


Ba bua le Moshe, ba re: “Setjhaba se tlisa dintho tse ngata ho feta tse hlokwang bakeng sa ho etsa mosebetsi oo Morena a laetseng hore o etswe.”


Lehlanya o ka le tulella ka lefudung, wa le silella le mabele ka tshilo; empa bohlanya bo ke ke ba le tlohela.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ