Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 24:12 - BIBELE

12 Bo-kgosi le Jehoyada ba ne ba ye ba e nee ba lokisang Tempele ya Morena, bao ba hire dibetli tsa majwe, le dibetli tsa mapolanka, ho lokisa Tempele ya Morena; ba hire le ba sebetsang ka tshepe, le ka lethose, ho thiba dikgeo tse Tempeleng ya Morena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

12 Morena le Jehojada ba ne ba di nea ba tshwereng mosebetsi wa ntlo ya Jehova; mme bona ba ne ba thola dibetli tsa majwe le tsa difate, ho lokisa ntlo ya Jehova, le malala a tshepe le a koporo, ho lokisa ntlo ya Jehova.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 24:12
7 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Hirame, kgosi ya Tire, a roma maqosa ho Davida. A romela difate tsa dikedare, le dibetli, le dihahi, mme tsa hahela Davida ntlo.


Solomone o ne a ena le makgoba a dikete tse mashome a supileng a neng a thotha thepa, le a dikete tse mashome a robedi a neng a betlela majwe kwaring.


Ha Balevi ba ne ba tlisa letlole lena ka tlung ya kgosi, mme ba fumana le ena le tjhelete e ngata, mongodi wa kgosi, le mohlanka wa Moprista e Moholo, ba ne ba ye ba ntshe tjhelete ka letloleng, mme ba le busetse hape sebakeng sa lona. Ka letsatsi le leng le le leng ba ne ba etsa jwalo, mme ba bokella tjhelete e ngata.


Basebetsi ba sebetsa ka thata, ba phetha mosebetsi, mme ba kgutlisetsa Tempele ya Morena sebopehong sa yona, ba e matlafatsa.


Ha e le taba tsa bara ba hae, le tsohle tseo a ileng a di porofetelwa, le tsa ho lokisa Tempele ya Modimo, tsena di ngotswe Bukeng ya Diketsahalo tsa Dikgosi. Amasiya, mora wa hae, a mo hlahlama.


Ka selemo sa mashome a mabedi sa puso ya Josiya, ha a se a hlwekisitse naha le Tempele, a roma Shafane, mora wa Asaleya, le Maasiya, mookamedi wa motse, le Jowa, mora wa Jowakase, e leng mongodi wa diketsahalo, ho lokisa Tempele ya Morena Modimo wa hae.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ