Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 24:10 - BIBELE

10 Mahosana wohle le setjhaba sohle sa nyakalla, mme sa tlisa dimpho tsa sona ka letloleng, ho fihlela le tlala.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

10 Mahosana wohle le setjhaba sohle ba thaba; ba tlisa, mme ba nokela ditjhelete letloleng, ba ba ba qetella ho ntsha.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 24:10
7 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Setjhaba sa nyakalla, hobane bao ba ne ba ithaopetse ho fana, mme ba efa Morena ka dipelo tsa bona tsohle. Kgosi Davida le yena a thaba haholo.


Ha Balevi ba ne ba tlisa letlole lena ka tlung ya kgosi, mme ba fumana le ena le tjhelete e ngata, mongodi wa kgosi, le mohlanka wa Moprista e Moholo, ba ne ba ye ba ntshe tjhelete ka letloleng, mme ba le busetse hape sebakeng sa lona. Ka letsatsi le leng le le leng ba ne ba etsa jwalo, mme ba bokella tjhelete e ngata.


Ba phatlalatsa hara naha yohle ya Juda le Jerusalema, hore ho tlisetswe Morena tjhelete ya lekgetho, eo Moshe, mohlanka wa Modimo, a ileng a re Baiseraele ba tle ba e ntshe, ha a ne a le lehwatateng.


O thusa ba etsang ho loka, ba ho etsang ba thabile, bona ba hopolang ditsela tsa hao. Leha o no halefile re nnile ra etsa dibe; ebe jwale re ka pholoswa jwang?


Di bile hara teko e matla ya matshwenyeho, empa ka baka la thabo ya tsona e kgaphatsehang, di ile tsa fana ka matsoho a mabedi, leha di futsanehile hakaalo.


Motho ka mong a ke a fane ho ya kamoo a rerileng kateng ka pelong ya hae, e seng ka ho kganana kapa ka ho qobellwa. Modimo o rata ya fanang a thabile.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ