Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 23:7 - BIBELE

7 Balevi bohle ba tla teela kgosi hare, motho le motho a tshwere dihlomo tsa hae. Mang kapa mang ya tla kena ka Tempeleng a bolawe. Le be le kgosi hohle moo e yang teng.”

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Balevi ba tla teela morena hare ka nqa tsohle, e mong le e mong a tshwere dihlomo tsa hae ka letsoho la hae; mang le mang ya kenang ka tlung a ke a bolawe; le latelle morena ha a kena, leha a etswa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 23:7
7 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ho se be ya kenang ka Tempeleng ya Morena, haese baprista feela, le Balevi ba sebeletsang. Ke bona feela ba tla kena, hobane ba a halalela. Empa setjhaba sohle sona se tla ela hloko ditaelo tsa Morena.


Balevi, le setjhaba sohle sa Juda, ba phetha kahohle kamoo moprista Jehoyada a neng a ba laetse kateng. Molaodi ka mong a tla le balebedi ba hae ba kenang mosebetsing ka Sabatha; a ba kopanya le ba neng ba tshwanela ho phomola ka Sabatha, ka ha moprista Jehoyada a ne a sa ba lokolla mosebetsing ka Sabatha.


Empa ha e mong a tsohela motho e mong matla ka boomo, mme a mmolaya ka bolotsana, leha a ka balehela aletareng ya ka, o tla mo tlosa, a yo bolawa.


Arone le bara ba hae bona o tla ba kgethela ho ba baprista, empa e mong osele ya tla atamela o tla bolawa.”


Ba neng ba emisa ka botjhabela, kapele ho Tente ya Morena, e ne e le Moshe, le Arone, le bara ba Arone, ba neng ba sebeletsa ka Sehalalelong bakeng sa bana ba Iseraele. E mong osele ya ka atamelang o tla bolawa.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ