Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 23:3 - BIBELE

3 Setjhaba sohle sa etsa tumellano le kgosi ka Tempeleng ya Modimo. Jehoyada a re ho setjhaba: “Mora wa kgosi o tla busa jwalokaha Morena a ile a tshepisa ditloholo tsa Davida.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

3 Mme phutheho yohle ya hlaba selekane le morena ka tlung ya Modimo. Jehojada a re ho bona: Bonang, ngwana morena o tla busa jwalokaha Jehova a boletse bakeng sa bara ba Davida.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 23:3
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba baetapele bohle ba Iseraele ba ya ho kgosi e le Heborone. Kgosi Davida a etsa selekane le bona Heborone, kapele ho Morena, mme ba mo tlotsa hore e be kgosi ya Iseraele.


Ha o se o shwele, mme o se o ithobaletse ho bo-ntatao, ke tla o hlahisetsa mora ya tla tswa lethekeng la hao, mme ke tiise mmuso wa hae.


Ntlo ya hao, le mmuso wa hao, ke tla di tiisa kamehla yohle. Terone ya hao e tla tsitsa kamehla yohle.’ ”


Morena o tla phethahatsa polelo eo a neng a e bue ho nna, ha a re: ‘Haeba bara ba hao ba ka ba le boitshwaro, metsamao ya bona ya nkgahla, mme ba tshepahala ka dipelo tsa bona tsohle, le ka moya wa bona wohle, terone ya Iseraele e ke ke ya hloka mohlahlami.’


ke tla tiisa bokgosi ba hao naheng ya Iseraele kamehla yohle, jwalokaha ke ne ke tshepise Davida, ntatao, ka re: ‘Bokgosi ba hao bo ke ke ba hloka mohlahlami.’


Jwale moprista Jehoyada a etsa selekane pakeng tsa Morena, le kgosi, le setjhaba, hore e be setjhaba sa Morena. A se etsa le pakeng tsa kgosi le setjhaba.


Yaba baholo bohle ba Iseraele ba ya ho kgosi e le Heborone. Davida a etsa selekane le bona moo Heborone, kapele ho Morena, mme ba mo tlotsa hore e be kgosi ya Iseraele, ho ya ka polelo ya Morena, eo a neng a e bolele ka Samuele.


Leha ho le jwalo, Morena a se ke a timetsa ba lelapa la Davida, hobane o ne a ile a etsa selekane le yena, a mo tshepisa hore yena le ditloholo tsa hae ba tla busa kamehla.


Jwale Jehoyada a etsa selekane pakeng tsa hae le setjhaba, le kgosi, hore e be setjhaba sa Morena.


“Jwale wena Morena Modimo wa Iseraele, ako boloke tshepiso eo o neng o e etsetse mohlanka wa hao Davida, ntate, wa re: ‘O ke ke wa hloka mohlahlami ya tla dula teroneng ya Iseraele, ha feela bara ba hao ba ka hlokomela metsamao ya bona, ba latela melao ya ka jwalokaha o ile wa etsa.’


ke tla tiisa bokgosi ba hao, jwalokaha ke ne ke etse selekane le Davida, ntatao, ka re: ‘Bokgosi ba hao bo ke ke ba hloka mohlahlami ya tla busa Iseraele.’


Ke tla mo hauhela kamehla, selekane sa rona le yena e tla ba se tiileng.


Ke hlapantse hanngwe feela ka lebitso la ka le halalelang: Ha nka ke ka thetsa Davida.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ