2 Dikronike 23:18 - BIBELE18 Jehoyada a bea baprista, e leng Balevi, hore ba hlokomele Tempele ya Morena. Ke bao Davida a neng a ba abetse hore ba sebeletse ka Tempeleng ya Morena, ba etsetse Morena dinyehelo tsa setjheso, jwalokaha ho ngotswe Bukeng ya Molao wa Moshe. Ba etsa hona ba nyakaletse, ba bina jwalokaha Davida a ile a ba laela. အခန်းကိုကြည့်ပါ။Sesotho 1909/1961 (SO)18 Jehojada a beela baprista ba Balevi dikabelo tsa mosebetsi wa ntlo ya Jehova, e le bao Davida a neng a ba arotse ho hlabela Jehova ditjheso ka tlung ya Jehova, kamoo ho ngodilweng molaong wa Moshe kateng, ka thabo le ka dipina kamoo Davida a laetseng kateng. အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
Baprista ba eba ditulong tsa bona, le Balevi ba neng ba letsa diletsa tsa Morena tsa mmino, tseo kgosi Davida a neng a di etseditse ho rorisa Morena. Balevi, ba shebane le baprista, ba letsa diterompeta, ba boka Morena, ba re: “Mohau wa hae ke wa kamehla yohle.” Baiseraele bohle bona ba ne ba eme ka maoto.