Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 23:16 - BIBELE

16 Jwale Jehoyada a etsa selekane pakeng tsa hae le setjhaba, le kgosi, hore e be setjhaba sa Morena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

16 Jwale, Jehojada a hlaba selekane mahareng a hae le setjhaba le morena, hore e fela e be setjhaba sa Jehova.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 23:16
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jwale moprista Jehoyada a etsa selekane pakeng tsa Morena, le kgosi, le setjhaba, hore e be setjhaba sa Morena. A se etsa le pakeng tsa kgosi le setjhaba.


Ba etsa selekane sa hore ba tla sebeletsa Morena Modimo wa bo-ntata bona, ka dipelo tsohle tsa bona, le ka moya wohle wa bona.


Ba hlapanyetsa Morena ka ditlatse tse kgolo, le ka mehoo, le ka diterompeta, le ka manaka.


Bohle ba setjhaba sa Juda ba thabela kano eo, hobane ba ne ba ile ba e hlapanyetsa ka dipelo tsohle tsa bona; ba mmatla ka tjheseho e kgolo, mme ba mo fumana. Morena a ba nea kgotso kahohle.


Jwale ke rerile ho etsa selekane le Morena Modimo wa Iseraele, e le hore kgalefo ya hae e tshabehang e tle e fele.


Ka baka leo, a re etseng selekane le Modimo wa rona, re kgutlise basadi bana bohle, le bana ba bona, ho ya ka keletso ya monga ka, le ya bohle ba hlomphang melao ya Modimo wa rona, mme hona ho etswe ka molao.


“Ka baka la tsena tsohle, re etsa selekane sa nnete, re bile re a se ngola, mme mahosana a rona, le Balevi, le baprista, ba se tiisa ka ho ngola mabitso a bona.”


E mong o tla re: ‘Nna ke wa Morena;’ e mong yena a ipitse ka lebitso la Jakobo, wa boraro a ngole, a ngole ka letsoho la hae a re: ‘Nna ke wa Morena!’ ebe o ipitsa ka lebitso la Iseraele.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ