2 Dikronike 23:13 - BIBELE13 A tadima, mme a bona kgosi e eme pela tshiya a pela monyako, mahosana le baletsi ba diterompeta ba le pela kgosi. Setjhaba sohle sa nyakalla, sa letsa diterompeta, le dibini, ka diletsa tsa tsona tsa etella mmino pele. Ataleya a hahola diaparo tsa hae, a re: “Bohlabaphiyo! Bohlabaphiyo!” အခန်းကိုကြည့်ပါ။Sesotho 1909/1961 (SO)13 Ha a tadima, a bona morena, a ema pela tshiya ya hae, monyako, le mahosana le ba letsang diterompeta ba eme pela morena, setjhaba sohle sa naha se thabile, ho letswa diterompeta, mme dibini di tsamaisa dithoko ka diletsa. Yaba Athalia o hahola diaparo tsa hae, a re: Jo! phetohelo! phetohelo! အခန်းကိုကြည့်ပါ။ |
Le ba neng ba le haufi le bona, e leng ba merabe ya Isakare, le Sebulone, le Nafthali, ba ba tlisetsa dijo ba di bofile ditonking, le dikameleng, le dimmeileng, le dipeleseng: phofo, le diphaphatha tsa mangangajane a feiye, le diphaphatha tsa mangangajane a morara, le veine, le ole, le dipholo le dinku. Tsena ba di tlisa ka bongata, hobane Baiseraele ba ne ba thabile.