Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 22:6 - BIBELE

6 Kgosi Jorame a kgutlela Jesereele, ho ya okwa maqeba ao a a ntshitsweng ha a le Rama, ha a ne a lwantsha Hasaele, kgosi ya Arame. Jwale Akasiya, mora wa Jehorame, kgosi ya Juda, a theohela Jesereele ho ya hlwela Jorame, mora wa Akabe, hobane o ne a kula.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

6 A kgutlela Jisreele ho ya phekolwa maqeba ao Basiria ba mo ntshitseng wona Rama, mohla a lwanang le Hasaele, morena wa Siria; mme Asaria, mora Jorame, morena wa Juda, a theohela Jisreele ho ya bona Jorame, mora Akabe, kahobane a ne a kula.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 22:6
8 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Kgosi Jorame a kgutlela Jesereele, ho ya okwa maqeba ao a a ntshitsweng ke Baarame ha ba le Rama, moo ba neng ba lwantsha Hasaele, kgosi ya Arame. Jwale Akasiya, mora wa Jehorame, kgosi ya Juda, a theohela Jesereele ho ya hlwela Jorame, mora wa Akabe, hobane o ne a kula.


Empa kgosi Jorame yena o ne a kgutletse Jesereele ho ya ikoka maqeba ao a neng a a ntshitswe ke Baarame, ha a ne a lwana le Hasaele, kgosi ya Arame. Yaba Jehu o re: “Haeba le dumela jwalo, hlokomelang hore ho se be motho ya ka nyenyelepang, a tswa motseng mona, a ya bolela taba ena kwana Jesereele.”


Ba futuhela naha ya Juda, ba e hlola. Ba hapa thepa yohle e neng e le ka tlung ya kgosi, ba thopa le bara ba kgosi, le basadi ba yona, hoo Jehorame a sa kang a sallwa ke mora leha a le mong, ha e se Jehowakase, mora wa hae wa lethopo.


Baahi ba Jerusalema ba bea Akasiya, mora wa Jehorame wa lethopo, hore e be kgosi, a hlahlame ntatae. Lebothwana le hlaselang, le neng le tlile le Maarabia, le ne le ile la bolaya bara bohle ba baholo ba Jehorame. Akasiya, mora wa Jehorame, kgosi ya Juda, a busa.


A latela dikeletso tsa bona. Bo-kgosi Akasiya, le kgosi Jorame, mora wa Akabe, kgosi ya Iseraele, ba ya lwantsha Hasaele, kgosi ya Arame, a le Rama e Gileade, mme Baarame ba ntsha Jorame kotsi.


Ke ka thato ya Modimo hore leeto lena la Akasiya, la ho tjhakela Jorame, e be sesosa sa ho wa ha Akasiya. Yare a sa le moo, ba tsamaya le Jorame ho ya bona Jehu, mora wa Nimeshi, eo Morena a neng a mo tlotseditse ho timetsa lelapa la Akabe.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ