Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 22:12 - BIBELE

12 Ka dilemo tse tsheletseng, ha Ataleya a ntse a busa naha eo, Jehosabada a pata Jowashe ka Tempeleng ya Modimo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

12 A patwa ho bona ka dilemo tse tsheletseng, ka tlung ya Modimo. Mme Athalia a nna a busa lefatsheng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 22:12
9 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Empa Jehosabada, moradi wa kgosi Jehorame, a nka Jowashe, mora wa Akasiya, a mo ntsha hara bara ba kgosi ba neng ba lokela ho bolawa. A mo pata hammoho le mohodisi wa hae kamoo ho bolokwang diphate kateng. Kahoo Jehosabada, moradi wa kgosi Jehorame, kgaitsedi ya Akasiya, mohatsa moprista Jehoyada, a mo patela Ataleya, mme Ataleya a se ke a mmolaya.


Ka selemo sa bosupa Jehoyada a imatlafatsa. A etsa tumellano le balaodi ba bahlabani ba lekgolo, e leng Asariya, mora wa Jehorame, le Ishemaele, mora wa Jehohanane, le Asariya, mora wa Obede; le Maasiya, mora wa Adaya, le Eleshafade, mora wa Sikeri.


Ke wena Morena, ya re lebelang, ya re sireletsang kamehla molokong ona,


Nakong ya tsietsi o tla ntshireletsa, a ntshireletse motlotlwaneng wa hae, a mpate motsheo ho tente ya hae, a ntlhwesetse hodima lefika la pholoho.


ha e le moo ke otlwa ka matsatsi wohle, ke otlwa hoseng ho hong le ho hong?


Ha ba kgopo ba busa, tjhaba se a ipata; empa ha ba timela, ba lokileng ba tla ngatafala.


Wena Morena, o lokile kamehla, ha ke bea nyewe ya ka kapele ho wena, o lokile, empa a nke ke bue le wena ka toka ya hao: Ke hobaneng ha ba kgopo ba atleha mererong ya bona? Ke hobaneng ha ba bolotsana ba phela ka boiketlo?


Oho, Morena, o bile teng pele le ho tlholeho! O Modimo wa ka, o Ya Halalelang wa ka! O Modimo wa ka, Modimo ya sa shweng. Oho, Morena, o ba kgethetse ho phetha kahlolo. Oho, Lefika la ka, o ba reretse ho re kgalema.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ