Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 22:11 - BIBELE

11 Empa Jehosabada, moradi wa kgosi Jehorame, a nka Jowashe, mora wa Akasiya, a mo ntsha hara bara ba kgosi ba neng ba lokela ho bolawa. A mo pata hammoho le mohodisi wa hae kamoo ho bolokwang diphate kateng. Kahoo Jehosabada, moradi wa kgosi Jehorame, kgaitsedi ya Akasiya, mohatsa moprista Jehoyada, a mo patela Ataleya, mme Ataleya a se ke a mmolaya.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

11 Empa Joshabeathe, moradi wa morena, a nka Joase, mora Akasia, a mo utswa hara bara ba morena mohla ba bolawang, mme a mo isa hammoho le moanyesi wa hae kamoreng ya malao. Ka mokgwa o jwalo, Joshabeathe, moradi wa morena Jorame, mosadi wa Jehojada moprista, le kgaitsedi ya Akasia, a mo patela Athalia, a se ke a bolawa.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 22:11
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

O tla nkgahela ntlo, mme ke tla tiisa terone ya mmuso wa hae kamehla yohle.


Leha ho le jwalo, ka baka la Davida, Morena Modimo wa hae, o ile a mo sitsa ka mora ya tla mo hlahlama, hore Jerusalema e nne e tiye;


Empa Jehosheba, moradi wa kgosi Jehorame, kgaitsedi ya Akasiya, a nka Jowashe, mora wa Akasiya, a mo ntsha hara bara ba kgosi, ba neng ba lokela ho bolawa. A mo pholosa ho Ataleya, a mo pata kamoo ho bolokwang diphate kateng hammoho le mohodisi wa hae, mme yaba ha a bolawe.


Leha ho le jwalo, Morena a se ke a timetsa ba lelapa la Davida, hobane o ne a ile a etsa selekane le yena, a mo tshepisa hore yena le ditloholo tsa hae ba tla busa kamehla.


Ha Ataleya, mma Akasiya, a bona hore mora wa hae o shwele, a tsamaya, a ya bolaya bana bohle ba lelapa la kgosi ya setjhaba sa Juda.


Ka dilemo tse tsheletseng, ha Ataleya a ntse a busa naha eo, Jehosabada a pata Jowashe ka Tempeleng ya Modimo.


Ka selemo sa bosupa Jehoyada a imatlafatsa. A etsa tumellano le balaodi ba bahlabani ba lekgolo, e leng Asariya, mora wa Jehorame, le Ishemaele, mora wa Jehohanane, le Asariya, mora wa Obede; le Maasiya, mora wa Adaya, le Eleshafade, mora wa Sikeri.


Morena o nyopisa merero ya ditjhaba, o folodisa mehopolo ya merabe.


ha Modimo a ema ho ahlola bohle, le ho pholosa bohle, bohle ba eisehang ba lefatshe.


Noka e tla nyeunya dihohwana; di tla tswa nokeng, di kene ka tlung ya hao, le ka kamoreng ya hao ya ho robala le betheng ya hao, le ka matlung a bahlanka ba hao, le hara setjhaba sa hao; le ka diboping tsa hao, le ka dijaneng tsa hao tse dubelang bohobe.


Ha ho bohlale, kelello, kapa morero o ka atlehang ha Morena a sa o rate.


Morena o bua tjena: “Ha morara o lesihleng o sa na le lero, batho ba ye ba re: ‘Le se ke la o lahla, hobane o sa na le molemo.’ Ka baka la bahlanka ba ka le nna ke tla etsa jwalo, ha nka ke ka ba timetsa, ka ba timetsa bohlebohle.


ho etsa hore tsohle tseo o di laotseng e sa le pele, ka matla a hao le thato ya hao, di phethahale.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ