Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 21:7 - BIBELE

7 Leha ho le jwalo, Morena a se ke a timetsa ba lelapa la Davida, hobane o ne a ile a etsa selekane le yena, a mo tshepisa hore yena le ditloholo tsa hae ba tla busa kamehla.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

7 Leha ho le jwalo, Jehova ha a ka a rata ho timetsa ntlo ya Davida, ka baka la selekane seo a neng a se hlabile le Davida, le ka baka la seo a neng a se boletse, a re, o tla nne a mo nee, yena le bara ba hae, lebone ka ho sa feleng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 21:7
19 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Empa Abishai, mora wa Seruya, a thusetsa Davida, a hlaba Mofilesita eo, a mmolaya. Banna ba Davida ba mo hlapanyetsa, ba re: “Ha o ka ke wa hlola o futuha le rona, esere wa bolawa, mme lebone la Baiseraele la tima.”


“Modimo o tiisitse lelapa la ka, selekane sa rona le yena ke sa mehla yohle, dipallo tsa sona di hlakile, di a tshepeha, ke yena ya mpholosang, o atlehisa takatso tsa ka.


Leha ho le jwalo, ha ke na ho amoha mora wa hao mmuso wohle. Ka baka la mohlanka wa ka Davida, le ka baka la Jerusalema eo ke ikgethetseng yona, ke tla siela mora wa hao morabe o le mong.”


Mora wa hae yena ke tla mo nea morabe o le mong, e le hore Davida, mohlanka wa ka, a nne a buse kamehla motseng wa Jerusalema, e leng motse oo ke o kgethetseng hore ke be ho wona.


Leha ho le jwalo, ka baka la Davida, Morena Modimo wa hae, o ile a mo sitsa ka mora ya tla mo hlahlama, hore Jerusalema e nne e tiye;


Leha ho le jwalo, Morena a se ke a timetsa mmuso wa Juda ka baka la Davida, mohlanka wa hae, hobane a ne a mo tshepise hore yena, le ditloholo tsa hae, ba tla busa kamehla.


Jehorame a shwa, a epelwa le bo-ntatae, Motseng wa Davida. Akasiya, mora wa hae, a mo hlahlama.


Empa Jehosabada, moradi wa kgosi Jehorame, a nka Jowashe, mora wa Akasiya, a mo ntsha hara bara ba kgosi ba neng ba lokela ho bolawa. A mo pata hammoho le mohodisi wa hae kamoo ho bolokwang diphate kateng. Kahoo Jehosabada, moradi wa kgosi Jehorame, kgaitsedi ya Akasiya, mohatsa moprista Jehoyada, a mo patela Ataleya, mme Ataleya a se ke a mmolaya.


Setjhaba sohle sa etsa tumellano le kgosi ka Tempeleng ya Modimo. Jehoyada a re ho setjhaba: “Mora wa kgosi o tla busa jwalokaha Morena a ile a tshepisa ditloholo tsa Davida.


“Jwale wena Morena Modimo wa Iseraele, ako boloke tshepiso eo o neng o e etsetse mohlanka wa hao Davida, ntate, wa re: ‘O ke ke wa hloka mohlahlami ya tla dula teroneng ya Iseraele, ha feela bara ba hao ba ka hlokomela metsamao ya bona, ba latela melao ya ka jwalokaha o ile wa etsa.’


Morena o ile a hlapanyetsa Davida, a ke ke a kwenehela tshepiso, tshepiso ena ya nnete, a re: “E mong wa bana ba theka la hao, ke tla mmea teroneng ya hao.


Leha ho le jwalo, o halefetse motlotsuwa wa hao, wa mo lahla, wa mo nyedisa.


O re hlahiseditse Mopholosi ya matla tlung ya Davida, mohlanka wa hae,


ho bonesetsa ba dutseng lefifing le moriting wa lefu, le ho re tsamaisa tseleng ya kgotso.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ