Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 21:20 - BIBELE

20 Jehorame o ne a ena le dilemo tse mashome a mararo a metso e mmedi ha a qala ho busa. A busa ka dilemo tse robedi a le Jerusalema. A shwa setjhaba se se se sa mo rate. Leha ho le jwalo, sa mo epela Motseng wa Davida, empa e seng mabitleng a dikgosi.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

20 O ne a le dilemo tse mashome a meraro a metso e mmedi ha a qala ho busa, mme a busa ka dilemo tse robileng meno e le mmedi a le Jerusalema. A ikela a sa llelwe ke motho, mme a patwa motseng wa Davida, empa e seng mabitleng a marena.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 21:20
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Jehorame a shwa, a epelwa le bo-ntatae, Motseng wa Davida. Akasiya, mora wa hae, a mo hlahlama.


Setjhaba sohle sa naha eo sa nyakalla, motse wa eba le kgotso, kamora hoba Ataleya a bolawe ka sabole.


A epelwa Motseng wa Davida, le dikgosi tse ding, hobane o ne a sebeleditse Iseraele, le Modimo, le Tempele ya Modimo hantle.


Baarame ba mo siya ba mo ntshitse dikotsi tse tshabehang. Bahlanka ba hae ba mo rera, hobane o ne a ile a bolaya bara ba moprista Jehoyada. Ba mmolaela diphateng tsa hae, mme a shwa. Ba mo epela Motseng wa Davida, empa e seng mabitleng a dikgosi.


Yaba Usiya o a shwa, ba mo epela le bo-ntatae, setsheng seo ho epelwang dikgosi ho sona, hobane ba ne ba re: “Usiya ke molepera!” Jotame, mora wa hae, a mo hlahlama.


Diketso tse ding tsa Akase, le mesebetsi ya hae yohle, ho tloha qalong ho isa qetellong, di ngotswe Bukeng ya Dikgosi tsa Juda le tsa Iseraele.


Akase a shwa, mme ba mo epela motseng wa Jerusalema. Empa ba se ke ba mo epela mabitleng a dikgosi tsa Iseraele. Hesekiya, mora wa hae, a mo hlahlama.


Manase a shwa, mme ba mo epela ka tlung ya hae. Amona, mora wa hae, a mo hlahlama.


Ho hopolwa ha mofu ya lokileng ho lehlohonolo, empa bitso la ya kgopo le ke ke la hopolwa.


Ka baka leo, Morena o bua tjena malebana le Jehoyakime, mora wa Josiya, kgosi ya Juda: “Ha ba ka ke ba mo llela, ba re: ‘Jo nna, ngwaneso! Jo nna, kgaitsedi ya ka!’ Ha ba ka ke ba mo llela, ba re: ‘Jo nna, monga ka! Jo nna, tlotla ya hae!’


Na Koniya hase nkgwana e nyatsehang, e matlere? Na hase sejana seo ho seng ya se thabelang? Ke hobaneng ha yena le bana ba hae ba lelekilwe, ba leleketswe naheng eo ba sa e tsebeng?


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ