Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 21:17 - BIBELE

17 Ba futuhela naha ya Juda, ba e hlola. Ba hapa thepa yohle e neng e le ka tlung ya kgosi, ba thopa le bara ba kgosi, le basadi ba yona, hoo Jehorame a sa kang a sallwa ke mora leha a le mong, ha e se Jehowakase, mora wa hae wa lethopo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

17 Ba futuhela Bajuda, ba pholletsa ka naha ya bona, mme ba hapa matlotlo wohle ao ba a fumaneng tlung ya morena, le bara ba hae, le basadi ba hae; ha a ka a sallwa ke bara, haese ke Joakase, e monyenyane ho bara ba hae.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 21:17
8 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

moo a ileng a teana le bana babo Akasiya, kgosi ya Juda, mme a re ho bona: “Le bo-mang?” Ba mo araba, ba re: “Re bana babo Akasiya. Re theohela tlase kwana ho ya boka dikgomo ho bana ba kgosi le ho bana ba mofumahadi.”


Baahi ba Jerusalema ba bea Akasiya, mora wa Jehorame wa lethopo, hore e be kgosi, a hlahlame ntatae. Lebothwana le hlaselang, le neng le tlile le Maarabia, le ne le ile la bolaya bara bohle ba baholo ba Jehorame. Akasiya, mora wa Jehorame, kgosi ya Juda, a busa.


Kgosi Jorame a kgutlela Jesereele, ho ya okwa maqeba ao a a ntshitsweng ha a le Rama, ha a ne a lwantsha Hasaele, kgosi ya Arame. Jwale Akasiya, mora wa Jehorame, kgosi ya Juda, a theohela Jesereele ho ya hlwela Jorame, mora wa Akabe, hobane o ne a kula.


Bara ba Ataleya, mosadi yane ya kgopo, ba ne ba ile ba thua Tempele ya Modimo, le dimpho tsohle tse halalelang tsa Tempele ya Morena, ba di abela tshebeletso ya bo-Baale.


Moo Bete-Shemeshe, Jehowashe, kgosi ya Iseraele, a thopa Amasiya, kgosi ya Juda, setloholo sa Jehowakase, mora wa Jowashe. A mo isa Jerusalema, a fihla a heletsa lerako la Jerusalema, ho tloha Kgorong ya Efraime, ho ya fihla Kgorong e Hukung. E ne e le sebaka se ka bang dimethara tse makgolo a mabedi.


Le nkile silefera ya ka le kgauta ya ka, la isa matlotlo a ka a bohlokwa ka ditempeleng tsa lona.


Morena o bua tjena: “Baahi ba Gasa ba ntshitetswe ka makgetlo a se na palo, kahoo ha nka ke ka ba tshwarela; ba thopile setjhaba, ba se thopa kaofela ha sona, ba se rekisetsa Baedomo hore e be makgoba.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ