Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 21:14 - BIBELE

14 Ka baka leo, Morena o tla otla setjhaba sa hao, le bana ba hao, le basadi ba hao, le dintho tsohle tsa hao ka lefu la sewa se seholo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

14 bona, Jehova o se a ya otla setjhaba sa hao, le bara ba hao, le basadi ba hao, le dintho tsohle tsa hao ka kotsi e kgolo;

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 21:14
7 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Morena o tla be a phetetsa madi ao ka hlooho ya hae, hobane o ne a bolaye banna ba babedi, ba lokileng, ba molemo ho mo feta. O ne a ba bolaye ka sabole, ntate, Davida, a sa tsebe letho. Banna bao ke Abinere, mora wa Nere, molaodi wa mabotho a Iseraele, le Amasa, mora wa Jetere, molaodi wa mabotho a Juda.


O tsamaile mehlaleng ya dikgosi tsa Iseraele, mme o entse hore setjhaba sa Juda le baahi ba Jerusalema ba sebeletse medimo ya bohata, jwaloka ba lelapa la Akabe. O bile o bolaile bana beno, ba lelapa la ntatao, ba neng ba lokile ho o feta.


Wena o tla tshwarwa ke lefu le bohloko la letshollo, ho fihlela mala a hao a horometseha, ka baka la ho tsholla ka letsatsi le leng le le leng.’ ”


O se ke wa di kgumamela, mme o se ke wa di sebeletsa, hobane nna Morena Modimo wa hao, ke Modimo ya boulelang, ya otlang bana ka baka la bokgopo ba bo-ntata bona, ho isa molokong wa boraro le wa bone, wa ba ntlhoileng.


Efraime o hateletswe, o hlotswe ke nyewe, hobane a ne a batla thuso, a e batla ho medingwana.


“ ‘Haeba le ntwantsha, le hana ho mmamela, ke tla le tlisetsa diwa tse ngata, tse menahaneng hasupa, ka baka la dibe tsa lona.


Ditaelo tsa Omeri le di phethile, le mesebetsi yohle ya ntlo ya Akabe, dikeletso tsa bona le ile la di latela; ka baka leo, ke tla le timetsa, tjhaba sa lona ke se fetole sesomo, sekgobo sa baditjhaba le se jare jwalo.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ