Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 20:9 - BIBELE

9 ‘Haeba bobe bo ka re wela hodimo, eba re ka bolawa ka sabole, kapa ra ahlolwa, kapa ra welwa ke lefu la sewa, kapa sekoboto, re tla ema kapele ho Tempele ena, le kapele ho wena, hobane ke moo o kgumamellwang teng. Tsietsing ya rona re tla ipiletsa ho wena, mme o tla re utlwa, o re pholose.’

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

9 Ha re ka tshoha re hlahelwa ke kotsi, kapa ke lerumo, kapa kahlolo, leha e le lefu la sewa, kapa tlala, re tla nne re itlhahise pela ntlo ena le pela hao, etswe lebitso la hao le le tlung ena, mme re tla howeletsa ho wena re le mahareng a mahlomola a rona, mme o tla re mamela, o be o re pholose!

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 20:9
13 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

“Ako mamele kopo ya mohlanka wa hao, le ya setjhaba sa hao sa Iseraele, ha se rapela se le sebakeng sena. Mamela o le leahong la hao le lehodimong, mme ha o utlwa o se tshwarele.


“Ha setjhaba sa hao sa Iseraele se hlolwa ke dira, kahobane se o sitetswe, mme eba se kgutlela ho wena, se tlotlisa lebitso la hao, se o rapela, se o kopa se le ka tlung ena,


“Haeba naha e ena le sekoboto, ho ena le lefu la sewa, lebabo, boroku, ditsie, kapa bookgolane; eba dira tsa setjhaba sena di etsetsa metse ya sona thibella; leha ho ka ba le sewa sefe le sefe, kapa malwetse afe le afe;


Setjhaba sa hao se ile sa aha naheng ena, sa o hahela sehalalelo ho yona, hore o tle o kgumamellwe teng, mme sa ba sa re:


Bosiu le motsheare mahlo a hao a ke a lebele Tempele ena, e leng sebaka seo o buileng ka sona, wa re: ‘Nna ke tla ba teng mona.’ Ka baka leo, ako utlwe thapelo eo mohlanka wa hao a tla e etsa a tadimile sebakeng sena.


‘Ho tloha mohla ke ntshang setjhaba sa ka Egepeta, ha ho motse, hara merabe ya Iseraele, oo nkileng ka o kgetha hore ke hahe Tempele eo ke tla dula ho yona ho wona, mme ha ke eso kgethe motho hore e be mmusi wa setjhaba sa ka sa Iseraele.


Ha Esera a ntse a rapela, a etsa maipolelo, a lla, a itihela fatshe kapele ho Tempele ya Modimo, letshwele le leholo la Baiseraele, e le banna, le basadi, le bana, la phuthehela ho yena, mme batho bao ba lla habohloko.


Ipiletse ho nna ka nako ya matshwenyeho; ke tla o lopolla, mme wena o tla ntlotlisa.”


Ke yena ya tla o tshwasolla lerabeng la setsomi, le lefung le timetsang la sewa.


“ ‘O tla nketsetsa aletare e bopilweng ka mobu, mme hodima yona o etsetse mahlabelo a ditjheso, le mahlabelo a hao a teboho, e leng dinku tsa hao, le dikgomo tsa hao. Dibakeng tsohle tseo ke di kgethileng, hore a nkgumamelle ho tsona, ke tla tla ho uena, ke o hlohonolofatse.


O le ele hloko, mme o mamele lentswe la lona. O se ke wa le fetohela, hobane le ke ke la o tshwarela melato ya hao, kaha ke moromuwa wa ka ya lebitsong la ka.


hobane moo ba babedi kapa ba bararo ba phuthehetseng teng ka lebitso la ka, ke teng hara bona.”


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ