Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 20:36 - BIBELE

36 Jehoshafate a etsa tumellano le Akasiya hore ba hahe dikepe tse tla ya Tarashishe. Dikepe tseo tsa hahelwa motseng wa Esione-Gebere.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

36 a ikopanya le yena ho etsa dikepe tse tla ya Tarshishe, mme ba etsa dikepe Etsione-Gebere.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 20:36
7 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Lewatleng kgosi e ne e ena le dikepe tsa Tarashishe, tse neng di ena le tsa Hirame. Hanngwe kamora dilemo tse tharo, sehlopha sa dikepe tsena tsa Tarashishe se ne se ye se tle, se tlise kgauta, le silefera, le manaka a ditlou, le dikgabo, le dipikoko.


Kgosi Jehoshafate a haha dikepe tsa kgwebo hore di tle di yo lata kgauta Ofire, empa tsa se ke tsa finyella, hobane di ile tsa pshatlwa ke difefo Esione-Gebere.


Kgosi Solomone a haha le lebotho la dikepe Esione-Gebere, pela Elate, lebopong la Lewatle la Lehlaka, naheng ya Edomo.


Jwale Eleesere, mora wa Dodawa, ya tswang Maresha, a porofetela Jehoshafate bobe bo tla mo hlahela, a re: “Kahobane o entse selekane le Akasiya, Morena o sentse mosebetsi wa hao.” Kahoo dikepe tsa hae tsa pshatleha, tsa sitwa ho ya Tarashishe.


Jwale Solomone a ya Esione-Gebere, le Elate, lebopong la lewatle le naheng ya Edomo.


Dikepe tsa kgosi di ne di eya Tarashishe, di kgannwa ke bahlanka ba Hurame. Hanngwe kamora dilemo tse tharo, sehlopha sa dikepe tsena tsa Tarashishe, se ne se ye se tle, se tlise kgauta, le silefera, le manaka a ditlou, le dikgabo, le dipikoko.


Ha ba tloha Aborona, ba ya hloma Esione-Gebere.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ