Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 20:34 - BIBELE

34 Diketso tse ding tsa Jehoshafate, ho tloha qalong ho isa qetellong, di ngotswe Bukeng ya Jehu, mora wa Hanani, eo ditaba tsa hae di ngotsweng Bukeng ya Dikgosi tsa Iseraele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

34 Haele ditaba tse ding tsa Josafate, tsa ho qala le tsa ho qetela, di ngodilwe bukeng ya ditaba tsa Jehu, mora Hanani, e neng e kenngwe bukeng ya marena a Iseraele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 20:34
11 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ditaba tse ding tsa Jeroboame, tsa kamoo a ileng a hlabana kateng, le kamoo a ileng a busa kateng, di ngotswe Bukeng ya Diketsahalo tsa Dikgosi tsa Iseraele.


Lentswe la Morena le nyatsang Basha la fihla ho Jehu, mora wa Hanani, la re:


Ka mokgwa ona Simeri a timetsa bohle ba lelapa la Basha, ha phethahala polelo ya Morena, eo a neng a e bue ka molomo wa moporofeta Jehu, a nyatsa Basha,


Lentswe la Morena la fihla ho moporofeta Jehu, mora wa Hanani, le nyatsa Basha le ba lelapa la hae, ka baka la bobe bohle boo a ileng a bo etsa moo Morena a ntseng a bona. Ka mesebetsi ya hae a phephetsa Morena hore a mo halefele, e se feela hobane a ile a etsisa lelapa la Jeroboame, empa le kahobane a ile a le timetsa.


Diketso tse ding tsa Jehoshafate, le tsa bonatla ba hae, le tsa dintwa tseo a ileng a di lwana, tsena tsohle di ngotswe Bukeng ya Diketsahalo tsa Dikgosi tsa Juda.


Diketso tsohle tsa Rehoboame, ho tloha qalong ho isa qetellong, le tsa tlhatlhamano ya lelapa la hae, di ngotswe Bukeng ya Moporofoeta Shemaya, le Bukeng ya Moporofeta Ido. Dintwa tsa nna tsa eba teng pakeng tsa Rehoboame le Jeroboame.


Diketso tse ding tsa Abiya, le mekgwa ya hae, le maele a hae, di ngotswe Bukeng ya Moporofeta Ido.


Diketso tsohle tsa Asa, ho tloha qalong ho isa qetellong, di ngotswe Bukeng ya Dikgosi tsa Juda le tsa Iseraele.


Ka yona nako eo, Hanani wa moporofeta a fihla ho Asa, kgosi ya Juda, a re ho yena: “Kahobane o ile wa tshepa kgosi ya Arame, wa se ke wa tshepa Morena Modimo wa hao, lebotho la kgosi ya Arame le o phonyohile.


Jehu, mora wa Hanani wa moporofeta, a ya mo kgahlanyetsa, mme a re ho kgosi Jehoshafate: “Na ke hantle ho thusa batho ba kgopo, le ho rata ba hloileng Morena? Ka baka leo, Morena o o halefetse.


Diketso tse ding tsa Amasiya, ho tloha qalong ho isa qetellong, di ngotswe Bukeng ya Dikgosi tsa Juda le tsa Iseraele.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ