Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 20:29 - BIBELE

29 Mebuso yohle ya dinaha tseo ya tshaba Modimo, ha e utlwa hore Morena o hlotse dira tsa Iseraele.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

29 Letsoso la Modimo la wela mebuso yohle ya mafatshe a kamathoko, ha e utlwa kamoo Jehova a lwantshitseng dira tsa Iseraele kateng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 20:29
14 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Yaba ba tswela pele leetong la bona, Modimo a kenya tshabo e kgolo metseng eo ba neng ba feta ho yona, hoo baahi ba yona ba sa kang ba futuhela bara ba Jakobo.


Morena o ne a ile a etsa hore lebotho la Baarame le utlwe eka ho na le lerata la dikariki tsa ntwa, le lekitikiti la dipere, le modumo wa lebotho le leholo. Ke ha ba buisana, ba re: “Bonang, kgosi ya Iseraele e hirile dikgosi tsa Bahete le dikgosi tsa Baegepeta ho tla re lwantsha.”


Asa le bahlabani ba hae ba ba phaladisa ho ya fihla Gerare, mme Bakushe ba hlolwa hoo ba ileng ba sitwa le ho boya sekwele. Ba hlolwa ke Morena le lebotho la hae. Bahlabani ba Juda ba hapa haholo.


Ba timetsa metse yohle e potapotileng Gerare, hobane Morena o ne a ile a kenya baahi ba yona letswalo. Ba hapa dintho tsohle metseng eo, etswe metse eo e ne e ena le dintho tse ngata.


Morena a kenya mebuso yohle e potapotileng naha ya Juda letswalo, hoo e sa kang ya lwantsha Jehoshafate.


Ba kena motseng wa Jerusalema, ka Tempeleng ya Morena, ba ntse ba letsa dikatara, le diharepa, le diterompeta.


Wena, o a tshabeha! Ke mang ya ka emang kapele ho wena, a ema teng ha o halefile?


Morena o tla le lwanela, lona le ntse le itholetse!”


A kgina mabidi a dikariki tsa bona tsa ntwa, mme dikariki tsa ntwa tsa tsamaya haboima. Baegepeta ba re: “A re baleheng Baiseraele, hobane Morena o a ba lwanela!”


“Ke tla etsa hore batho ba o lwantshang ba ntshabe, ke ferekanye bohle bao o tla fihla hara bona, ke etse hore dira tsa hao tsohle di o balehe.


Ha dikgosi tsohle tsa Baamore tse neng di le ka bophirimela, mose ho Jorodane, le dikgosi tsohle tsa Bakanana tse neng di le pela lewatle, di utlwa kamoo Morena a ileng a pshesa metsi a Jorodane kapele ho bana ba Iseraele kateng, ho fihlela ba tshetse, tsa nyahama dipelo, tsa fellwa ke sebete ho hang, ka baka la ho tshaba bana ba Iseraele.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ