Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 20:25 - BIBELE

25 Ha Jehoshafate le setjhaba sa hae ba ilo hapa, ba fumana maruo a mangata, le diaparo, le dintho tsa bohlokwa. Yaba ba inkela matlotlo ao, mme a eba mangata hoo ba bileng ba sitwa ho a nka kaofela. Kgapo e ne e le ngata hoo ba ileng ba nka matsatsi a mararo ba ntse ba e bokella.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

25 Eitse ha Josafate le setjhaba sa hae ba tla ho hapa kgapo, ba fumana diphahlo tse ngata mahareng a ditopo le mesebetsi ya bohlokwa; ba ikgapela yona, ba ba ba sitwa ho e jara, ba qeta matsatsi a mararo ba ntse ba thotha thepa, hobane e ne e le kgolo.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 20:25
15 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Eitse ha ba lebotho la setjhaba sa Juda ba fihla toreng e lehwatateng, mme ba tadima, ba bona letshwelehadi e se e le ditopo tse rapaletseng fatshe, ho se le ya mong ya phonyohileng.


Ka letsatsi la bone ba kgobokana ka kgohlong ya Beraka, ba rorisa Morena. Ka baka leo, sebaka seo sa rewa lebitso la Kgohlo ya Beraka, mme ho fihlela le kajeno-ya-bokajeno se ntse se bitswa jwalo.


Morena a ntsha taelo, letshwele la basadi la tlisa molaetsa o reng:


Mosadi e mong le e mong wa Moheberu a kope dintho tse entsweng ka silefera, le tse entsweng ka kgauta, le diaparo, ho mosadi wa Moegepeta eo ba ahelaneng le yena, le eo e ka bang moeti lapeng la hae. Le kgabise bara ba lona le baradi ba lona ka tsona, mme ebe le hapa leruo la Baegepeta.”


bo kgahleha ho feta le mabenyane a bohlokwa, ha ho letho le ka bapiswang le bona;


Juda le yona e tla lwantsha Jerusalema. Maruo a ditjhaba tsohle tse e potapotileng a tla bokellwa hammoho: Kgauta e ngata le silefera e ngata, le diaparo tse ngata haholo.


Moshe a re ho bona: “Na le tlohetse basadi bohle hore ba phele?


Mohlabani e mong le e mong o ne a inketse kgapo.


Empa dinthong tsena tsohle re hlola ka mokgwa o phethehileng ka ya re ratileng.


Bana ba Iseraele ba inkela thepa yohle ya metse ena, le diphoofolo, e le kgapo ya bona. Empa banna bohle bona ba ba bolaya ka sabole, ho tihlela ba ba timetsa; ba se ke ba siya le ya mong ya phelang.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ