Biblia Todo Logo
အွန်လိုင်း သမ္မာကျမ်းစာ

- ကြော်ငြာတွေ -




2 Dikronike 20:24 - BIBELE

24 Eitse ha ba lebotho la setjhaba sa Juda ba fihla toreng e lehwatateng, mme ba tadima, ba bona letshwelehadi e se e le ditopo tse rapaletseng fatshe, ho se le ya mong ya phonyohileng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ

Sesotho 1909/1961 (SO)

24 Eitse ha Bajuda ba fihla phahameng, moo lefeella le ka bonwang teng, ba tadima nqa sereng, mme ba bona e le ditopo tse rapaletseng fatshe, ho se le a mong ya phonyohileng.

အခန်းကိုကြည့်ပါ။ ကော်ပီ




2 Dikronike 20:24
10 ပူးပေါင်းရင်းမြစ်များ  

Ka bona bosiu boo, lengeloi la Morena la tswa, la ya diahelong tsa Baasiria, la bolaya Baasiria ba dikete tse lekgolo le mashome a robedi a metso e mehlano. Ha bosiu bo wela fatshe, kaofela ha bona ya be e se e le ditopo.


Ba bolaya ba bangata, hobane e ne e le Modimo ya ba lwanelang. Ba aha naheng eo, ho fihlela ha ba thopuwa.


Baamone, le Bamoabe, ba fetohela baahi ba tswang thabeng ya Seire, ba ba bolaya, ba ba timetsa ho hang. Hoba ba timetse baahi ba Seire, Baamone le Bamoabe ba bolayana ka bobona.


Ha Jehoshafate le setjhaba sa hae ba ilo hapa, ba fumana maruo a mangata, le diaparo, le dintho tsa bohlokwa. Yaba ba inkela matlotlo ao, mme a eba mangata hoo ba bileng ba sitwa ho a nka kaofela. Kgapo e ne e le ngata hoo ba ileng ba nka matsatsi a mararo ba ntse ba e bokella.


Na ebe re sa tla boela re tlola melao ya hao, re nyallana le ditjhaba tsee, tse etsang dintho tse nyonyehang hakaale? Na o ke ke wa re halefela, mme wa qetella o re timeditse, hoo ho ke keng ha eba le mesaletsana kapa ba phonyohang?


O tla ahlola ditjhaba, ho tlale ditopo; o tla thuakanya hlooho tsa sera ka bophara ba lefatshe.


Jwale metsi a kgutla, a kwahela dikariki tsa ntwa le bapalami, mmoho le mabotho wohle a Faro a neng a ba setse morao ho ya fihla lewatleng, empa ha ho le ya mong wa bona ya ileng a phonyoha.


Ka lona letsatsi leo Morena a namolela Baiseraele matsohong a Baegepeta. Baiseraele ba bona ditopo tsa Baegepeta di karaletse lebopong la lewatle.


Lengeloi la Morena la tswa, la ya diahelong tsa Baasiria, la bolaya Baasiria ba dikete tse lekgolo le mashome a robedi a metso e mehlano. Ha bosiu bo wela fatshe, kaofela ha bona ya be e se e le ditopo.


e leng Bakalatiya. Empa matlo ao a tla tlala ditopo tsa banna, bao ke tla ba bolaya ha kgalefo ya ka e tlokoma, ke loloma ke bohale, hobane motse ona ke o patetse sefahleho sa ka, ka baka la bokgopo ba bona bohle.


ကြှနျုပျတို့နောကျလိုကျပါ:

ကြော်ငြာတွေ


ကြော်ငြာတွေ